Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

5 Na Lintho Tse Bohloko li Tla ke li Fele?

5 Na Lintho Tse Bohloko li Tla ke li Fele?

Re Lokela ho Tseba Karabo

Haeba ho e-na le lebaka le utloahalang la hore re lumele hore lintho tse bohloko li tla fela, seo se tla re fa tšepo ’me re tla fetola tsela eo re phelang ka eona re be re rate Molimo.

Nahana ka Taba Ena

Batho ba bangata ba ka rata ho felisa lintho tse bohloko empa ha ho letho le lekaalo leo ba ka khonang ho le etsa. Nahana ka lintho tse latelang:

Le hoja tsebo ea lingaka e ntse ntlafala . . .

  • Lefu la pelo e ntse e le lona le ipetsang pele har’a mafu a bolaeang.

  • Selemo le selemo kankere e bolaea batho ba limilione.

  • Koranteng ea Frontiers in Immunology setsebi sa litaba tsa moruo Dr. David Bloom o ile a re “le hoja ho ntse ho e-ba le meriana e mecha le tsebo ea tsa bongaka e ntse e ntlafala, re ntse re tšoaroa ke mafu a sa phekoleheng, hape ho hlaha a macha a tšoaetsanoang ha ka nako e tšoanang a khale a boea sekoele.”

Le hoja linaha tse ling li ruile haholo . . .

  • Selemo le selemo ho shoa bana ba limilione ’me sena se etsahala haholo libakeng tseo ho phelang batho ba futsanehileng.

  • Batho ba libilione ba phela libakeng tse sa hloekang.

  • Batho ba makholo a limilione ha ba na metsi a hloekileng.

Le hoja batho ba bangata mehleng ena ba tseba litokelo tsa batho . . .

  • Tlaleho e ’ngoe ea Machaba a Kopaneng e re linaheng tse ngata batho ba lula ba koeteloa ebe baa rekisoa ’me batho ba etsang liketso tsena ha ba so nkeloe likhato tsa molao. Ha ba e-s’o nkeloe likhato hobane ba boholong ba sa elelloe bothata bona kapa hobane ba se na matla a lekaneng a ho ba nkela likhato tsa molao.

    ITHUTE HAHOLOANYANE

    Shebella video e reng ’Muso oa Molimo ke Eng? e fumanehang ho jw.org/st.

Bibele e Re’ng?

Molimo oa re tsotella.

Oa tsotella ha re utloa bohloko ’me re sareloa.

“[Molimo] a nyonya mahloreho a ea hlorileng, Ha aa mo patela sefahleho sa hae, O ile a utloa ha a hoeletsa ho kopa thuso ho eena.”​PESALEME EA 22:24.

‘Lahlelang matšoenyeho ’ohle a lona ho eena, hobane oa le tsotella.’​1 PETROSE 5:7.

Lintho tse bohloko li ke ke tsa lula li le teng.

Bibele e tšepisa hore morero oa Molimo o tla phethahala.

“Molimo . . . o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​TŠENOLO 21:​3, 4.

Molimo o tla felisa lintho tsohle tse etsang hore batho ba utloe bohloko.

O tla etsa sena a sebelisa ’Muso oa hae.

“Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang . . . ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”​DANIELE 2:44.