Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

5 Na Mathata a Tla Fela?

5 Na Mathata a Tla Fela?

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tseba Karabo ya Potso ee?

Haeba ho na le lebaka le bontshang hore mathata a tla fela, seo se ka re fa tshepo ebile sa ntlafatsa tsela eo re phelang ka yona mme sa fetola tsela eo re ikutlwang ka yona ka Modimo.

Nahana ka Sena

Batho ba bangata ba leka ka hohle ho fedisa mathata empa ha ba kgone ho a fedisa. Nahana ka dintho tsena tse latelang:

Ho sa tsotellehe meriana e mengata e ntseng e etswa . . .

  • Lefu la pelo le ntse le bolaya batho ba bangata.

  • Lefu la kankere le ntse le bolaya batho ba dimillione selemo le selemo.

  • David Bloom e leng mongodi wa Frontiers in Immunology o re: “Le hoja ho lekilwe ho ntlafatsa meriana, dingaka di ntse di sa kgone ho fodisa mafu a mang, ho ekelletsa moo, batho ba ntse ba tswela pele ba tshwarwa ke mafu a sa phekoleheng.”

Le hoja dinaha tse ding di na e tjhelete e ngata . . .

  • Bana ba dimillione selemo le selemo ba a shwa, sena se etsahala haholo dinaheng tseo batho ba teng ba futsanehileng.

  • Batho ba dibilione ba phela dibakeng tse sa hlwekang.

  • Batho ba dimillione tse makgolo ha ba na metsi a hlwekileng.

Le hoja ho na le mekgatlo e lwanelang ditokelo tsa batho . . .

  • Ripoto ya United Nations e re: “Dinaheng tse ngata, batho ba bangata ba a utsuwa mme ba hlekefetswa ka ditsela tse sa tshwaneng, empa batho ba entseng seo ha ba so fuwe kotlo. Mohlomong sena se etsahala ka lebaka la hore ba molaong ha ba tsebe hore na ba sebetse taba e na jwang kapa ha ba tsebe ho hang ka taba ena.”

    ITHUTE HO EKETSEHILENG

    Shebella video ya Mmuso wa Modimo ke Eng? ho jw.org/st-za.

Seo Bibele e se Rutang

Modimo o a re kgathalla.

Modimo o a bona ha re utlwile bohloko le ha re na le mathata.

“[Modimo] ha a nyedisa, kapa a nyonya mahloreho a ya hlorileng, ha a mo patela sefahleho sa hae, o ile a utlwa ha a hweletsa ho kopa thuso ho yena.”​PESALEME YA 22:24.

‘Lahlelang matshwenyeho ohle a lona ho yena, hobane wa le tsotella.’​1 PETROSE 5:7.

Mathata ha a na dula a le teng.

Bibele e tshepisa hore morero wa Modimo ka batho o tla phethahala.

“Modimo . . . o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.”​TŠENOLO 21:3, 4.

Modimo o tla fedisa dintho tsohle tse bakelang batho mathata.

O tla etsa sena a sebedisa Mmuso wa hae o tla busa lefatsheng.

“Modimo wa lehodimo o tla emisa mmuso o ke keng wa senngwa le ka mohla. Mmuso oo o ke ke wa fetisetswa ho batho le ha e le bafe ba bang. . . . *O tla ema ho isa dinakong tse sa lekanyetswang.”​DANIELE 2:44.