Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likeletso Tse re Thusang Hore re Thabele Bophelo

Likeletso Tse re Thusang Hore re Thabele Bophelo

“Le hoja ke utloa bohloko ha ke bona lintho tse mpe tse etsahalang lefatšeng joaloka lintoa, bofutsana, ho kula le ho hlekefetsoa ha bana, ke se ke e-na le tšepo.”​—RANI. *

Rani o ile a fumana thabo ea ’nete ha a ithuta ka Mohloli oa bohlale, e leng ’Mopi oa rona le Molimo ea matla ’ohle. Ha u ntse u bala lihlooho tse latelang, bona hore na ke joang lithuto tsa Molimo li ka u thusang . . .

  • ho ba le lelapa le thabileng

  • ho phelisana ka khotso le batho ba bang

  • ho ithuta ho khotsofala

  • ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re utloa bohloko ebile re shoa

  • ho ba le tšepo ka bokamoso

  • ho tseba ’Mopi oa rona le ho ba motsoalle oa hae

Hape u tla ithuta hore ’Mopi oa rona ha a fe batho ba itseng feela bohlale ba hae, empa o bo fa batho bohle ba bo batlang.

^ ser. 2 Mabitso a hlahang makasineng ena a fetotsoe.