Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Likeletso Tse Thusang Malapa Hore a Thabe

Likeletso Tse Thusang Malapa Hore a Thabe

Lenyalo le ho ba le bana ke limpho tsa bohlokoa tse tsoang ho ’Mopi oa rona. O batla hore malapa a rona a thabe. O re file tataiso e ka thusang malapa a rona hore a thabe haholoanyane a sebelisa buka e halalelang e ngotsoeng khale haholo. Nahana ka likeletso tse latelang tse bohlale.

Banna, Ratang Basali ba Lona

“Banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae, empa oa e fepa le ho e baballa.”​—BAEFESE 5:​28, 29.

Monna ke hlooho ea lelapa. (Baefese 5:​23) Empa monna ea lerato ha a tšoare mosali oa hae hampe ebile ha a lule a laela mosali oa hae hore a etse lintho tseo eena a li batlang. O nka mosali oa hae e le motho oa bohlokoa hape o mo hlokomela ka lintho tseo a li hlokang ’meleng le maikutlong. O boetse o leka ka matla ho thabisa mosali oa hae ’me ha a lule a hatella hore ho etsoe lintho tseo a li batlang. (Bafilipi 2:4) O bolella mosali oa hae lintho tseo a li nahanang le tsela eo a ikutloang ka eona, hape o mamela mosali oa hae ha a bua. Ha a mo ‘halefele ka matla’ ebile ha a mo utloise bohloko ’meleng kapa hona ho mo hlaba ka mantsoe.​—Bakolose 3:19.

Basali, Hlomphang Banna ba Lona

“Mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.”​—BAEFESE 5:33.

Ha mosali a hlompha monna oa hae ebile a tšehetsa liqeto tsa hae, o etsa hore ho be le khotso ka lapeng. Ha monna oa hae a etsa phoso, ha a etse hore a ikutloe a le mosesaane empa o lula a le bonolo a bile a mo hlompha. (1 Petrose 3:4) Ha a hloka ho bua le monna oa hae ka bothata bo itseng, o khetha nako e nepahetseng ea ho etsa joalo ebile o bua le eena ka tlhompho.​—Moeklesia 3:7.

Tšepahalla Molekane oa Hao

‘Monna o tla khomarela mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.’​—GENESE 2:24.

Ha monna le mosali ba nyalana, ba ba le kamano e haufi-ufi. Kahoo, banyalani ba lokela ho sebetsa ka thata ho matlafatsa lenyalo la bona ka hore ba phetlelane lifuba le hore ba etsetsane liketso tse bontšang mosa. Hape ba lokela ho tšepahallana ka hore ba se ke ba etsa thobalano ka ntle ho lenyalo. Ho etsa joalo ke bokhopo. Ho etsa hore batho ba se ke ba tšepana hape ho ka senya lelapa.​—Baheberu 13:4.

Batsoali, Koetlisang Bana ba Lona

“Koetlisa [ngoana] ho ea ka tsela e mo loketseng, esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.”​—LIPROVERBIA 22:6.

Molimo o file batsoali boikarabelo ba ho koetlisa bana ba bona. Taba ena e akarelletsa ho ba ruta hore na ba itšoare joang le ho ba behela mohlala o motle. (Deuteronoma 6:​6, 7) Ha ngoana a sa mamele, motsoali ea bohlale o lula a khobile matšoafo. O ‘potlakela ho utloa, o lieha ho bua, o lieha ho halefa.’ (Jakobo 1:​19) Haeba motsoali a hloka ho khalemela ngoana, o lokela ho etsa joalo ka tsela e lerato, eseng hobane a halefile.

Bana, Mamelang Batsoali ba Lona

“Bana, le mamele batsoali ba lona . . . ‘Hlompha ntat’ao le ’m’ao.’ ”​—BAEFESE 6:​1, 2.

Bana ba lokela ho mamela batsoali ba bona le ho ba hlompha ka ho tebileng. Ha bana ba hlompha batsoali ba bona, ba etsa hore ho be le thabo ka lapeng hape ba tlatsetsa hore ho be le khotso le kutloano. Ha bana ba se ba le baholo, ba hlompha batsoali ba bona ka ho etsa bonnete ba hore baa ba hlokomela. Taba ena e akarelletsa ho ba thusa ho boloka lehae la bona le le maemong a matle kapa ho ba thusa ka lichelete haeba ho hlokahala.​—1 Timothea 5:​3, 4.