Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dikeletso Tse Thusang Malapa Hore a Thabe

Dikeletso Tse Thusang Malapa Hore a Thabe

Lenyalo le ho ba le bana ke dimpho tsa bohlokwa tse tswang ho Mmopi wa rona. O batla hore malapa a rona a thabe. O re file tataiso e ka thusang malapa a rona hore a thabe haholwanyane a sebedisa buka e halalelang e ngotsweng kgale haholo. Nahana ka dikeletso tse latelang tse bohlale.

Banna, Ratang Basadi ba Lona

“Banna ba tshwanela ho rata basadi ba bona jwalo ka mmele ya bona. Ya ratang mosadi wa hae o a ithata, ka ha ha ho motho ya kileng a hloya nama ya hae, empa o a e fepa le ho e baballa.”​—BAEFESE 5:​28, 29.

Monna ke hlooho ya lelapa. (Baefese 5:​23) Empa monna ya lerato ha a tshware mosadi wa hae hampe ebile ha a dule a laela mosadi wa hae hore a etsedintho tseo yena a di batlang. O nka mosadi wa hae e le motho wa bohlokwa hape o mo hlokomela ka dintho tseo a di hlokang mmeleng le maikutlong. O boetse o leka ka matla ho thabisa mosadi wa hae mme ha a dule a hatella hore ho etswe dintho tseo a di batlang. (Bafilipi 2:4) O bolella mosadi wa hae dintho tseo a di nahanang le tsela eo a ikutlwang ka yona, hape o mamela mosadi wa hae ha a bua. Ha a mo ‘halefele ka matla’ ebile ha a mo utlwise bohloko mmeleng kapa hona ho mo hlaba ka mantswe.​—Bakolose 3:19.

Basadi, Hlomphang Banna ba Lona

“Mosadi o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna wa hae.”​—BAEFESE 5:33.

Ha mosadi a hlompha monna wa hae ebile a tshehetsa diqeto tsa hae, o etsa hore ho be le kgotso ka lapeng. Ha monna wa hae a etsa phoso, ha a etse hore a ikutlwe a le mosesane empa o dula a le bonolo a bile a mo hlompha. (1 Petrose 3:4) Ha a hloka ho bua le monna wa hae ka bothata bo itseng, o kgetha nako e nepahetseng ya ho etsa jwalo ebile o bua le yena ka tlhompho.​—Moeklesia 3:7.

Tshepahalla Molekane wa Hao

‘Monna o tla kgomarela mosadi wa hae mme e tla ba nama e le nngwe.’​—GENESE 2:24.

Ha monna le mosadi ba nyalana, ba ba le kamano e haufiufi. Ka hoo, banyalani ba lokela ho sebetsa ka thata ho matlafatsa lenyalo la bona ka hore ba phetlelane difuba le hore ba etsetsane diketso tse bontshang mosa. Hape ba lokela ho tshepahallana ka hore ba se ke ba etsa thobalano ka ntle ho lenyalo. Ho etsa jwalo ke bokgopo. Ho etsa hore batho ba se ke ba tshepana hape ho ka senya lelapa.​—Baheberu 13:4.

Batswadi, Kwetlisang Bana ba Lona

“Kwetlisa [ngwana] ho ya ka tsela e mo loketseng, esita le ha a tsofala a ke ke a e kgeloha.”​—LIPROVERBIA 22:6.

Modimo o file batswadi boikarabelo ba ho kwetlisa bana ba bona. Taba ena e akarelletsa ho ba ruta hore na ba itshware jwang le ho ba behela mohlala o motle. (Deuteronoma 6:​6, 7) Ha ngwana a sa mamele, motswadi ya bohlale o dula a kgobile matshwafo. O ‘potlakela ho utlwa, o dieha ho bua, o dieha ho halefa.’ (Jakobo 1:​19) Haeba motswadi a hloka ho kgalemela ngwana, o lokela ho etsa jwalo ka tsela e lerato, eseng hobane a halefile.

Bana, Mamelang Batswadi ba Lona

“Bana, le mamele batswadi ba lona . . . ‘Hlompha ntatao le mmao.’ ”​—BAEFESE 6:​1, 2.

Bana ba lokela ho mamela batswadi ba bona le ho ba hlompha ka ho tebileng. Ha bana ba hlompha batswadi ba bona, ba etsa hore ho be le thabo ka lapeng hape ba tlatsetsa hore ho be le kgotso le kutlwano. Ha bana ba se ba le baholo, ba hlompha batswadi ba bona ka ho etsa bonnete ba hore ba a ba hlokomela. Taba ena e akarelletsa ho ba thusa ho boloka lehae la bona le le maemong a matle kapa ho ba thusa ka ditjhelete haeba ho hlokahala.​—1 Timothea 5:​3, 4.