Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Fumana Bohlale

U ka Fumana Bohlale

“Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:​16) Temaneng ena lentsoe “bululetsoe” le bolela hore Molimo ea Matla ’ohle o ile a kenya menahano ea hae likelellong tsa bangoli ba Bibele.

Molimo o Batla Hore Bohlale ba Hae bo U Tsoele Molemo

“ ’Na, Jehova, ke . . . ’na ea u rutang hore u itsoele molemo, ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le noka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.”​—ESAIA 48:​17, 18.

U ka nka mantsoe ana e le memo e tsoang ho Molimo e tlang ho uena. O batla hore u be le khotso u be u lule u thabile ’me a ka u thusa hore ho be joalo.

U ka Fumana Bohlale bo Tsoang ho Molimo

“Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle.”​—MAREKA 13:10.

“Litaba tse molemo” li akarelletsa tšepiso ea Jehova ea ho felisa mathata, ho etsa lefatše paradeise le ho tsosa baratuoa ba rona ba hlokahetseng. Lipaki Tsa Jehova li bolella batho lefatšeng ka bophara molaetsa ona o tsoang ka Bibeleng.