Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Setswalle sa Hao le Batho ba Bang?

Ke Jwang Theknoloji e ka Amang Setswalle sa Hao le Batho ba Bang?

Batho ba babedi ba dulang dibakeng tse pedi tse sa tshwaneng ba ka kgona ho buisana, haholoholo ka ho romellana melaetsa, diimeile, ba sebedisa video le marangrang.

Ba sebedisa theknoloji ka tsela e ba tswelang molemo. Le ha ho le jwalo, batho ba sebedisang theknoloji haholo ho bua le metswalle ya bona ba ka ba le bothata ba . . .

  • ho se utlwele metswalle ya bona bohloko.

  • ho jewa ke bodutu le ho ikutlwa ba se na thuso.

  • ho inahana bo bona ho feta ho nahana ka metswalle ya bona.

SEO O LOKELANG HO SE TSEBA

KUTLWELOBOHLOKO

Ha re utlwela motho bohloko re nka nako re nahana ka yena le ka tsela eo a ikutlwang ka yona, e leng ntho eo re sa kgoneng ho e etsa haeba re dula re bala le ho romela melaetsa re sebedisa marangrang.

Haeba theknoloji e o laola, ha nako e ntse e ya o tla utlwa eka ho araba melaetsa ya metswalle ya hao ke mosebetsi. O ka batla ho bona feela o arabile melaetsa yohle eo o e fumaneng, ho akarelletsa le molaetsa wa motswalle wa hao ya hlokang thuso.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: O ka bontsha hore o ‘utlwela metswalle ya hao bohloko’ jwang ha o buisana le yona ka marangrang?​—1 PETROSE 3:8.

HO IKUTLWA O SE NA THUSO

Bafuputsi ba bang ba fumane hore batho ba bangata ba ikutlwa ba tetebetse le ho feta ka mora hore ba shebe marangrang. Bafuputsi bao ba entse qeto ya hore ho sheba difoto tsa batho ba bang le dintho tseo ba ntseng ba di etsa, ho ka siya motho “a ikutlwa eka ha ho na ntho ya bohlokwa eo a e entseng ka nako ya hae.”

Hape ho sheba difoto tsa batho ba bang moo ba thabileng, ho ka etsa hore batho ba bang ba ipapise le bona ho sa hlokahale. Ho ka etsa hore ho bonahale eka motho e mong le e mong o a ithabisa, ha wena bophelong ba hao ho se na letho le monate le etsahalang.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Ha o sebedisa marangrang, ke jwang o ka qobang ho ipapisa le batho ba bang ho sa hlokahale? ​—BAGALATA 6:4.

HO INAHANA HO TLOLA

Titjhere e nngwe e ile ya re baithuti ba bang ba hae e ne e le baithati mme ba batla ho etsa setswalle feela le batho ba neng ba tla ba etsetsa dintho. * Motho ya etsang setswalle se jwalo o amehile feela ka hore na yena o tla fumanang ho sona. Motho ya jwalo a ka nahana hore metswalle ya hae e tshwana le difono kapa dikhompiyutha tseo a tla ithabisa ka tsona ha a batla e be o di behella ka thoko ha a sa di hloke.

SEO O KA NAHANANG KA SONA: Na dintho tseo o di behang Inthaneteng di bontsha hore o rata ho hlodisa batho ba bang kapa o inahana ho tlola?​—BAGALATA 5:26.

SEO O KA SE ETSANG

ITLHAHLOBE HORE NA O SEBEDISA THEKNOLOJI JWANG

Ha o laola theknoloji ho ena le hore yona e o laole, e tla o thusa hore o buisane le metswalle ya hao le hore le matlafatse setswalle sa lona.

KELETSO YA BIBELE: “Lerato . . . ha le batle dithahasello tsa lona.”​—1 BAKORINTHE 13:​4, 5.

Kgetha ditlhahiso tseo o batlang ho di sebedisa kapa o ingolle dintho tseo o batlang ho di etsa.

  • Buisana le batho ka ho toba (ho ena le hore o ba ngolle melaetsa ka fono kapa imeile)

  • Behella fono ka thoko (kapa o e time) ha o qoqa le batho ba bang

  • Fokotsa nako eo o e qetang o ntse o sheba marangrang

  • Mamela batho ba bang ka hloko

  • Bua le motswalle wa hao ya nang le mathata

^ par. 17 Mantswe ana a tswa bukeng e bitswang Reclaiming Conversation.