Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KENG E KA RE THUSANG HO MAMELLA MATHATA?

1 | Sireletsa Bophelo ba Hao

1 | Sireletsa Bophelo ba Hao

SEO E LENG SA BOHLOKWA

Ditlokotsi kapa dikoduwa di ama batho ka ditsela tse sa tshwaneng.

  • Ha ho etsahala dintho tse mpe batho ba tshwarwa ke stress. Batho ba tshwarwang ke stress nako e telele ba kula hangata.

  • Ha tsietsi e hlaha ho ba thata ho fumana kalafo e ntle hobane dipetlele di amohela batho ba bangata ka nako e le nngwe mme seo se ka etsa hore ba se ke ba fumana meriana e lekaneng.

  • Ha dikoduwa di hlahile ho ka ba thata hore batho ba batle dintho tsa bohlokwa tse kang dijo le meriana e lekaneng.

Seo o Lokelang ho se Tseba

  • Ho kula haholo le ho ba le kgatello ya kelello ho ka etsa hore o etse diqeto tse fosahetseng, tse ka behang bophelo ba hao kotsing. Ka lebaka la seo o ka nna wa kula haholo.

  • Haeba o sa rarolle mathata a hao a bophelo, a ka eketseha mme a beha bophelo ba hao kotsing.

  • Haeba o dula o phetse hantle mmeleng, o tla etsa diqeto tse bohlale nakong ya ha o hlahelwa ke mathata.

  • Ho sa tsotellehe hore na o ruile kapa o futsanehile, o ka etsa dintho tse tla sireletsa bophelo ba hao.

Seo o ka se Etsang Hona Jwale.

Motho ya bohlale o nahana ka dikotsi tse ka etsahalang mme o sebetsa ka thata hore a di qobe. O ka sebedisa keletso ena ho sireletsa bophelo ba hao. E le hore o fokotse menyetla ya ho kula, o lokela ho hlwekisa moo o phelang teng le hore o dule o hlwekile. Ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.

Andreas a o re: “Ha moo re phelang teng ho hlwekile mme le rona re dula re hlwekile re fokotsa ditshenyehelo tsa ho reka meriana.”

a Mabitso a hlahang makasineng ena a fetotswe.