Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kenyelletso

Kenyelletso

ENA ke buka ea lipale tsa ’nete. Li nkiloe bukeng e khōlō ho feta tsohle lefatšeng, e leng Bibele. Lipale tsena li u bolella ka histori ea lefatše ho tloha ha Molimo a qala ho bōpa ho fihlela nakong ea rōna. Li bua le ka lintho tseo Molimo a tšepisang ho li etsa nakong e tlang.

Buka ena e u fa leseli la seo Bibele e buang ka sona ka kakaretso. E bua ka batho ba hlahang ka Bibeleng le lintho tseo ba li entseng. Hape e bua ka tšepo e babatsehang ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise eo Molimo a e fileng batho.

Buka ena e na le lipale tse 116. Li arotsoe ka likarolo tse robeli. Leqepheng le qalang karolong ka ’ngoe ho hlalosoa ka bokhutšoaane lipale tse karolong eo. Lipale tsena li latellana ho ea ka nako eo liketsahalo li etsahetseng ka eona historing. Hona ho u thusa hore u ithute hore na ntho e etsahetse neng ha e bapisoa le tse ling historing.

Ho sebelisitsoe puo e bonolo lipaleng tsena. Lōna bana, ba bangata ba lōna le tla khona ho ipalla tsona. ’Me batsoali le tla hlokomela hore bana ba lōna ba banyenyane ba tla thabela ho li balloa khafetsa. Le tla fumana hore buka ena e na le boitsebiso bo bongata boo bana le batho ba baholo ba bo thahasellang.

Ho fanoe ka mangolo a Bibele qetellong ea pale ka ’ngoe. Le khothalletsoa ho bala litemana tsena tsa Bibele tseo lipale tsena li nkiloeng ho tsona. Ha le qeta ho bala pale, hlahlobang lipotso tsa thuto e rutoang paleng eo tse fumanoang maqepheng a latelang Pale ea 116 ’me le leke ho bona hore na le ka hopola likarabo tsa lipotso tseo.