Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 4

Lebaka Leo ba Ileng ba Lahleheloa ke Lehae la Bona

Lebaka Leo ba Ileng ba Lahleheloa ke Lehae la Bona

BONA se etsahalang joale. Adama le Eva ba lelekoa serapeng se setle sa Edene. Na u tseba lebaka?

Ke hobane ba entse ntho e mpe haholo. Joale Jehova oa ba otla. Na ua tseba hore na Adama le Eva ba entse ntho efe e mpe?

Ba entse ntho eo Molimo a itseng ba se ke ba e etsa. Molimo o ne a ba boleletse hore ba ka ja litholoana tsa lifate tse serapeng. Empa Molimo o ne a itse ba se ke ba ja litholoana tsa sefate se seng, ho seng joalo ba tla shoa. O ne a ipehetse sefate seo. Akere rea tseba hore ho fosahetse ho inkela ntho ea motho e mong? Joale, ha etsahala’ng?

Ka letsatsi le leng ha Eva a le mong serapeng, noha ea bua le eena. Ak’u nahane feela! Ea re Eva a je tholoana ea sefate seo Molimo a itseng ba se ke ba e ja. Empa Jehova o ne a sa etsetsa linoha hore li bue. Joale sena se bolela hore ho na le motho e mong ea neng a etsa hore noha e bue. Ke mang eena eo?

E ne e se Adama. Kahoo e tlameha ebe e ne e le e mong oa batho bao Jehova a ba entseng pele a etsa lefatše. Batho bao ke mangeloi, ’me ha re khone ho ba bona. Lengeloi lena le ne le se le itšepa haholo. Le ne le se le nahana hore le lokela ho busa joaloka Molimo. Hape le ne le batla hore batho ba le hlomphe ho e-na le ho hlompha Jehova. Ke lengeloi leo le ileng la etsa hore noha e bue.

Lengeloi leo le ile la khona ho thetsa Eva. O ile a le kholoa ha le mo bolella hore ha a ka ja tholoana eo, o tla tšoana le Molimo. Eva le Adama ba ile ba ja tholoana eo. Ha baa ka ba mamela Molimo, ke ka lebaka leo ba ileng ba lahleheloa ke lehae la bona la serapa se setle.

Empa ka letsatsi le leng Molimo o tla etsa bonnete ba hore lefatše lohle le etsoa hore le be letle joaloka serapa sa Edene. Hamorao re tla ithuta hore na u ka etsa’ng ho thusa hore le be letle joalo. Empa joale a re ke re bone se ileng sa etsahalla Adama le Eva.