Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 5

Ho Qaleha Bophelo bo Thata

Ho Qaleha Bophelo bo Thata

HA BA se ba le ka ntle ho serapa sa Edene, Adama le Eva ba ba le likhathatso tse ngata. Ba sebeletsa lijo tsa bona ka thata. Ba bona litšehlo le meutloa li mela hohle, ho e-na le hore ho mele lifate tse ntle tsa litholoana. Sena ke se ileng sa etsahala ha Adama le Eva ba sa mamele Molimo ’me ba khaotsa ho ba metsoalle ea Hae.

Empa ho hobe le ho feta ke hore Adama le Eva ba ile ba qala ho shoa. Hopola hore Molimo o ne a ba lemositse hore ba tla shoa ha ba ka ja tholoana ea sefate se itseng. Letsatsing lona leo ba jeleng ka lona ba qala ho shoa. E bile lithoto hakaakang ka ho se mamele Molimo!

Bana bohle ba Adama le Eva ba hlahile ka mor’a hore Molimo a leleke batsoali ba bona serapeng sa Edene. Sena se bolela hore bana le bona ba ne ba tla tsofala, ’me ba shoe.

Hoja feela Adama le Eva ba ne ba ile ba mamela Jehova, ba ka be ba phela hamonate bona le bana ba bona. Kaofela ha bona ba ka be ba phela ka ho sa feleng lefatšeng ba thabile. Ho ka be ho se motho ea tsofalang, ea kulang le ea shoang.

Molimo o batla hore batho ba phele ka ho sa feleng ba thabile, ’me o tšepisa hore seo se tla etsahala ka letsatsi le leng. Hase feela hore lefatše lohle le tla ba letle, empa le batho bohle ba tla phela hantle. ’Me batho bohle lefatšeng e tla ba metsoalle, hape e be metsoalle ea Molimo.

Empa Eva e ne e se e se motsoalle oa Molimo. Joale a ba le bana ka thata. A utloa bohloko. Na ha u lumellane le hore ho se mamele ha hae Jehova ho ile ha mo tlisetsa masoabi a mangata?

Adama le Eva ba ba le bara le barali ba bangata. Ha mora oa bona oa pele a hlaha, ba mo reha Kaine. Ba reha mora oa bona oa bobeli Abele. Ho ile ha etsahala’ng ka bona? Na ua tseba?