Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 10

Moroallo o Moholo

Moroallo o Moholo

BATHO ba ka ntle ho areka, ba ne ba ntse ba iphelela joaloka mehleng. Ba ntse ba sa lumele hore Moroallo oa tla. E tlameha ebe ba ne ba tšeha le ho feta. Empa ka mor’a nakoana ba emisa ho tšeha.

Ka tšohanyetso metsi a qala ho tšoloha. A theoha joalokaha eka a tšeloa ka nkho. Noe o ne a nepile! Empa joale ha ho sa na nako ea hore leha e le mang a kene ka arekeng. Jehova o ne a koetse monyako ka thata.

Ka mor’a nakoana, metsi a koahela libaka tse tlaase. Metsi a fetoha linōka tse khōlō. A hulanya lifate le ho pitikisa majoe a maholo, a etsa lerata le leholo. Batho ba ne ba tšohile. Ba hloella libakeng tse phahameng. Ba lakatsa eka ba ka be ba ile ba mamela Noe ’me ba kena ka arekeng pele ba koalloa monyako! Empa nako e ne e se e le sieo.

Metsi a ’na a phahama. Metsi a ’na a tšoloha leholimong ka matsatsi a 40 le masiu a 40. A phahamela lithaba, esita le tsona lithaba tse telele tsa koaheloa ke metsi. Feela joalokaha Molimo a ne a boletse, batho bohle ba ka ntle ho areka le liphoofolo ba shoa. Empa bohle ba ka arekeng ba bolokeha.

Noe le bara ba hae ba ne ba hahile areka hantle. Metsi a e phahamisa, ea sesa ka holim’a ’ona. Ka letsatsi le leng, ha pula e se e emisitse, letsatsi la chaba. A-a pono e joalo! E ne e le leoatle feela la metsi a mangata. Ntho feela e neng e bonahala ke areka e ntseng e sesa ka holim’a metsi.

Linatla li ne li se li le sieo joale. Li se li ke ke tsa hlola li ntša batho kotsi. Kaofela ha tsona li ne li shoele, hammoho le bo-’mè ba tsona le batho ba bang kaofela ba babe. Empa ho ile ha etsahala’ng ka bo-ntate ba tsona?

Bo-ntate ba linatla e ne e se batho ba tšoanang le rōna hantle. E ne e le mangeloi a tlileng lefatšeng ho tla phela e le batho. Kahoo ha Moroallo o fihla, ha aa ka a shoa le batho ba bang kaofela. A ile a tlohela ho sebelisa ’mele ea batho eo a neng a e entse, ’me a khutlela leholimong e le mangeloi. Empa ha aa ka a hlola a lumelloa ho ba karolo ea lelapa la mangeloi a Molimo. Kahoo e ile ea e-ba mangeloi a Satane. A bitsoa bademona ka Bibeleng.

Joale Molimo a etsa hore ho foke moea, ’me metsi a moroallo a qala ho kokobela. Ka mor’a likhoeli tse hlano areka ea lula tlhōrōng ea thaba. Ha feta matsatsi a mang a mangata, ’me ba ka arekeng ba sheba ka ntle ’me ba bona litlhōrō tsa lithaba. Metsi a ’na a kokobela.

Joale Noe a ntša nonyana e ’ngoe e ntšo e bitsoang lekhoaba ka arekeng. E ne e fofa sebakana e be ea khutla, kaha e ne e sa fumane moo e ka lulang. E ne e ea e fofe e be ea khutla, e lula arekeng.

Noe o ne a batla ho bona haeba metsi a kokobetse lefatšeng, kahoo a ntša leeba ka arekeng. Empa leeba le lona la khutla kaha ho ne ho se moo le ka lulang. Noe a le ntša ka lekhetlo la bobeli, ’me la tla le nkile lehlaku la mohloaare ka molomo. Joale Noe a tseba hore metsi a kokobetse. Noe a ntša leeba ka lekhetlo la boraro, ’me la qetella le fumane moo ho omileng moo le ka lulang.

Joale Molimo a bua le Noe. A re: ‘Tsoa ka arekeng. U nke ba lelapa lohle la hao le liphoofolo tse ho uena.’ Ba ne ba bile ka arekeng nako e fetang selemo. Joale re ka inahanela thabo eo bohle ba ileng ba e thaba ha ba boetse ba tsoela ka ntle ba ntse ba phela!