Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 12

Batho ba Haha Tora e Khōlō

Batho ba Haha Tora e Khōlō

HO SE ho fetile lilemo tse ngata joale. Bara ba Noe ba bile le bana ba bangata. Le bana ba bona ba ile ba hōla ’me le bona ba e-ba le bana ba bang. Ka mor’a nakoana, batho ba e-ba bangata lefatšeng.

E mong oa batho bana e ne e le setloholoana sa Noe se bitsoang Nimrode. E ne e le monna ea khopo ea neng a tsoma a bile a bolaea liphoofolo le batho. Nimrode o ne a boetse a ikentse morena a busa batho ba bang. Molimo o ne a sa rate Nimrode.

Ka nako eo batho bohle ba ne ba bua puo e le ’ngoe. Nimrode o ne a batla ho ba bokella hammoho e le hore a ba buse. Na joale ua tseba hore na o ile a etsa’ng? O ile a re batho ba hahe motse le tora e khōlō. Ba bone ke bao moo setšoantšong ba etsa litene.

Jehova Molimo o ne a sa rate mohaho ona. Molimo o ne a batla hore batho ba tlohe moo ’me ba phele likarolong tsohle tsa lefatše. Empa batho bona ba re: ‘Tloong! Re haheng motse le tora e telele eo tlhōrō ea eona e tlang ho fihla maholimong. Joale re tla tuma!’ Batho bao ba ne ba ipatlela botumo, eseng ho tumisa Molimo.

Kahoo Molimo o ile a etsa hore batho bao ba khaotse ho haha tora. Na ua tseba hore na o ile a etsa seo joang? Hang-hang o ile a etsa hore batho ba bue lipuo tse sa tšoaneng, ho e-na le ho bua puo e le ’ngoe. Eaba lihahi ha li sa utloana. Ke kahoo motse oa bona o ileng oa bitsoa Babele, kapa Babylona, e bolelang “Pherekano.”

Joale batho ba qala ho tloha Babele. Batho ba buang puo e tšoanang ba tsamaea hammoho ho ea phela likarolong tse ling tsa lefatše.