Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 19

Lelapa le Leholo la Jakobo

Lelapa le Leholo la Jakobo

AK’U bone lelapa lena le leholo. Bana ke bara ba 12 ba Jakobo. O ne a boetse a e-na le barali. Na u tseba a mang a mabitso a bana ba hae? A re ke re ithute ’ona.

Lea o tsoetse Rubene, Simeone, Levi le Juda. Eitse ha Ragele a bona hore ha a be le bana, a utloa bohloko haholo. Eaba o fa Jakobo lekhabunyane la hae Bilha, ’me Bilha a ba le bara ba babeli ba bitsoang Dane le Nefthali. Lea le eena a fa Jakobo lekhabunyane la hae Zilpa, ’me Zilpa a tsoala Gade le Ashere. Qetellong Lea a ba le bara ba bang ba babeli, e leng Isakare le Zabulone.

Qetellong Ragele o ile a ba le ngoana. O ile a mo reha Josefa. Re tla ithuta ho eketsehileng ka Josefa hamorao, kaha e bile motho oa bohlokoa haholo. Bana ke bara ba 11 ba tsoaletsoeng Jakobo ha a ntse a lula le Labane, ntate oa Ragele.

Jakobo o ne a boetse a e-na le barali, empa Bibele e re bolella lebitso la a le mong feela. Lebitso la hae ke Dina.

Ho ile ha fihla nako ea hore Jakobo a etse qeto ea hore o siea Labane ’me o khutlela Kanana. Kahoo o ile a bokella lelapa la hae le leholo le mehlape ea hae e meholo ea linku le likhomo, a qala leeto le lelelele.

Ka mor’a nakoana Jakobo le ba lelapa la hae ba khutletse Kanana, Ragele o ile a ba le mora e mong. O hlahile ba ntse ba le leetong. Ragele o ile a tšoaroa ke mahlaba a bohloko, a ileng a qetella a mo bolaile ha a ntse a e-ba le ngoana. Empa ngoana eo oa moshemane eena a phela. Jakobo a mo reha Benjamine.

Re batla ho hopola mabitso a bara ba 12 ba Jakobo kaha sechaba sohle sa Iseraele se tsoile ho bona. Ha e le hantle, meloko e 12 ea Iseraele e reheletsoe ka bara ba 10 ba Jakobo le ba babeli ba Josefa. Isaka o ile a phela lilemo tse ngata bashemane bana bohle ba se ba le teng, ’me e tlameha ebe o ne a thabetse ho ba le litloholo tse ngata joalo. Empa a re bone se ileng sa etsahalla setloholo se seng sa hae, e leng Dina.