Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 21

Banab’abo Josefa Baa mo Hloea

Banab’abo Josefa Baa mo Hloea

AK’U bone kamoo moshemane enoa a utloileng bohloko kateng a bileng a feletsoeng ke tšepo. Ke Josefa. Banab’abo ba qeta ho mo rekisetsa banna bana ba eang Egepeta. Josefa o tla etsoa lekhoba moo. Ke hobane’ng ha banab’abo ba entse ntho e mpe tjee? Ke hobane ba shoela Josefa mōna.

Ntate oa bona Jakobo o ne a rata Josefa haholo. O ile a bontša hore o mo rata ho feta ba bang ka hore a mo etsetse seaparo se setle se selelele. Eitse ha baholoane ba hae ba 10 ba bona kamoo Jakobo a ratang Josefa kateng, ba qala ho shoela Josefa mōna le ho mo hloea. Empa ho boetse ho na le lebaka le leng hape leo ba neng ba mo hloile ka lona.

Josefa o ile a lora litoro tse peli. Litorong tseo tsa Josefa ka bobeli banab’abo ba ne ba mo khumamela. Eitse ha Josefa a ba phetela tsona, ba mo hloea le ho feta.

Eare ka letsatsi le leng ha baholoane ba Josefa ba ntse ba alositse linku tsa ntat’a bona, Jakobo a kōpa Josefa hore a e’o bona hore na ba phela joang. Ha banab’abo Josefa ba mo bona a tla, ba bang ba re: ‘A re mo bolaeeng!’ Empa Rubene, moholoane oa bona a re: ‘Che, a re se keng ra mo bolaea!’ Ho e-na le hoo ba tšoara Josefa ba mo lihela ka sekoting seo metsi a sona a psheleng. Eaba baa lula ba rera hore na ba mo etse’ng.

Ha ba ntse ba rera hore na ba mo etse’ng ha hlaha banna ba bang ba Baishmaele. Juda a re ho banab’abo: ‘A re mo rekisetseng banna bao ba Baishmaele.’ Eaba baa mo rekisa. Ba rekisa Josefa ka likotoana tse 20 tsa silevera. Ba ile ba etsa ntho e sehlōhō hakaakang!

Joale ba tla re’ng ho ntat’a bona? Ba bolaea pōli eaba ba ina seaparo se setle sa Josefa maling ao a pōli. Joale ba ea le seaparo seo hae ho ntat’a bona Jakobo, ba re: ‘Re thotse seaparo sena. Se shebe hore na hase sa Josefa.’

Jakobo a bona hore ke sona. A bokolla, a re: ‘E tlameha ebe Josefa o bolauoe ke phoofolo ea naha.’ Ke sona seo banab’abo Josefa ba batlang hore ntate oa bona a se nahane. Jakobo a utloa bohloko haholo. A qeta matsatsi a mangata a ntse a lla. Empa Josefa o ne a sa shoa. A re bone se mo etsahallang moo a isitsoeng teng.