Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 22

Josefa o Kenngoa Teronkong

Josefa o Kenngoa Teronkong

JOSEFA o lilemo li 17 feela ha a isoa Egepeta. Ha a le moo o rekisetsoa monna e mong ea bitsoang Potifaro. Potifaro o sebeletsa morena oa Egepeta, ea bitsoang Faro.

Josefa o sebeletsa Potifaro, mong’a hae, ka thata. Kahoo ha Josefa a se a hōlile, Potifaro o mo beha hore a laole ntlo eohle ea hae. Joale, ke hobane’ng ha Josefa a le teronkong? Ke ka lebaka la mosali oa Potifaro.

Josefa o hōla a le motle litšobotsing, ’me mosali oa Potifaro o batla hore a robale le eena. Empa Josefa oa tseba hore seo se fosahetse, ’me o hana ho robala le eena. Mosali oa Potifaro oa koata. Kahoo ha monna oa hae a fihla lapeng, oa mo thetsa, o re: ‘Josefa eo e mobe o ne a batla ho robala le ’na!’ Potifaro o kholoa mosali oa hae, ’me o koatela Josefa haholo. Kahoo o mo kenya teronkong.

Ka mor’a nakoana, mookameli oa teronko oa lemoha hore Josefa ke motho ea molemo. Kahoo o mo beha hore a laole batšoaruoa ba bang bohle. Hamorao Faro o halefisoa ke moqhatsetsi oa hae le moapehi oa hae, ’me o ba kenya teronkong. Ka bosiu bo bong baa lora, empa ha ba tsebe seo litoro tsa bona li se bolelang. Ka le hlahlamang, Josefa o re: ‘Mpolelleng seo le se lorileng.’ Ha ba mo bolella, Josefa o ba hlalosetsa litoro tsa bona ka thuso ea Molimo.

Josefa o re ho moqhatsetsi: ‘Ka mor’a matsatsi a mararo u tla lokolloa teronkong, ’me u tla boela u be moqhatsetsi oa Faro.’ Josefa o boela a re: ‘Ha u tsoa, u bolelle Faro ka ’na, u nthuse hore ke tsoe mona.’ Empa Josefa o re ho moapehi: ‘Faro o tl’o u khaola hlooho ka mor’a matsatsi a mararo.’

Ha fela ha e-ba kamoo Josefa a boletseng kateng ka mor’a matsatsi a mararo. Faro o khaola hlooho ea moapehi. Empa moqhatsetsi eena o lokolloa teronkong ’me o boela a sebeletsa morena. Moqhatsetsi o lebala Josefa! Ha a bolelle Faro ka eena, ’me Josefa o lula teronkong.