Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 24

Josefa o Leka Banab’abo

Josefa o Leka Banab’abo

JOSEFA o batla ho tseba hore na baholoane ba hae ba 10 ba ntse ba le sehlōhō kapa che. Joale o re: ‘Le lihloela. Le tletse ho tla bona moo naha ea rōna e fokolang teng.’

Ba re: ‘Che, ha re lihloela. Rea tšepahala. Kaofela re bana ba motho. Re ne re le 12. Empa ngoan’abo rōna e mong ha a sa le eo, e monyenyane eena o setse le Ntate hae.’

Josefa o iketsa eka ha a ba kholoe. O kenya Simeone teronkong, o re ba bang ba nke lijo ba ee hae. Empa o re ho bona: ‘Ha le khutla le tle le ngoan’abo lōna e monyenyane.’

Ha ba khutlela hae Kanana, ba bolella ntat’a bona Jakobo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahetseng. Jakobo o utloa bohloko haholo. Oa lla, o re: ‘Josefa ha a sa le eo, joale Simeone le eena ha a sa le eo. Nke ke ka lumella hore le nke Benjamine mora oa ka e monyenyane.’ Empa qetellong ha ba felloa ke lijo, Jakobo o tlameha ho ba fa Benjamine hore ba ee le eena Egepeta e le hore ba mpe ba fumane lijo.

Joale Josefa o bona banab’abo ba tla. O thabetse ho bona moen’a hae Benjamine. Ha ho le ea mong oa bona ea tsebang hore monna enoa oa bohlokoa ke Josefa. Josefa joale o etsa ntho e ’ngoe ho leka banab’abo ba 10.

O re bahlanka ba hae ba tlatse mekotla ea bona lijo. Empa o boetse o kenya senoelo sa hae sa bohlokoa sa silevera ka mokotleng oa Benjamine, ba sa tsebe. Eare ha ba qeta ho tsamaea ba le sebakanyana, Josefa a roma bahlanka ba hae hore ba ba sale morao. Ha ba fihla ho bona, bahlanka bao ba re: ‘Le utsoelitse’ng senoelo sa mong’a rōna sa silevera?’

Kaofela ha bona ba re: ‘Ha rea utsoa senoelo sa hae. Ha le ka se fumana ho e mong oa rōna, le mo bolaee.’

Joale bahlanka ba sheba ka mekotleng kaofela, ’me ba fumana senoelo ka mokotleng oa Benjamine, joalokaha u bona moo. Bahlanka ba re: ‘Lōna ba bang le ka itsamaela, empa Benjamine eena re lokela ho khutla le eena.’ Joale ekaba banab’abo ba 10 ba tla etsa’ng?

Kaofela ha bona ba khutlela tlung ea Josefa le Benjamine. Josefa o re ho banab’abo: ‘Le ka itsamaela lōna ba bang kaofela la khutlela hae, empa Benjamine eena o tla sala mona e be lekhoba la ka.’

Joale Juda o iteta sefuba, o re: ‘Ha nka khutlela hae ke siile moshemane enoa, Ntate o tla shoa kaha o mo rata haholo. Kea u kōpa, mpe u nke ’na ke be lekhoba la hao, empa moshemane eena a ee hae.’

Josefa oa bona hore banab’abo ba fetohile. Ha ba sa le sehlōhō, ba se ba le mohau. A re bone hore na Josefa o etsa’ng joale.