Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 26

Jobo o Tšepahala ho Molimo

Jobo o Tšepahala ho Molimo

NA U qenehela monna eo ea kulang? Lebitso la hae ke Jobo, ’me o na le mosali oa hae. Na ua tseba hore na mosali eo o re’ng ho Jobo? O re Jobo a rohake Molimo ’me a shoe. A re bone hore na ke hobane’ng ha a bua joalo le hore na ke hobane’ng ha Jobo a utloa bohloko hakana.

Jobo o ne a tšepahala, a mamela Jehova. O ne a lula naheng ea Utse, haufi le Kanana. Jehova o ne a rata Jobo haholo, empa ho ne ho e-na le motho e mong ea neng a mo hloile. Na ua mo tseba?

E ne e le Satane Diabolose. U hopole hore Satane ke lengeloi le lebe le hloileng Jehova. Kaha o ile a etsa hore Adama le Eva ba se ke ba mamela Jehova, o ne a nahana hore a ka etsa hore motho e mong le e mong a se ke a mamela Jehova. Empa na o ile a atleha? Che. Ak’u nahane ka banna le basali ba bangata ba tšepahalang bao re ithutileng ka bona. U tseba ba bakae?

Ka mor’a hore Jakobo le Josefa ba shoele Egepeta, Jobo o ne a tšepahala ho Jehova ho feta batho ba bang bohle lefatšeng. Jehova o ne a batla hore Satane a tsebe hore a ke ke a etsa hore batho bohle ba be babe, kahoo a re: ‘Bona Jobo. Ak’u bone kamoo a tšepahalang ho ’na kateng.’

Satane a re, ‘O tšepahala feela hobane u mo hlohonolofalitse ka lintho tse ngata tse molemo. Empa ha u ka mo amoha tsona, o tla u rohaka.’

Kahoo Jehova a re: ‘E-ea ho eena. U mo amohe tsona. U etse Jobo lintho tsohle tse mpe tseo u batlang ho li etsa. Re tla bona haeba o tla nthohaka. Feela u se ke ua mo bolaea.’

Satane a qala ka ho etsa hore batho ba utsoe likhomo le likamele tsa Jobo, ’me ba bolaee linku tsa hae. A ntan’o bolaea bana ba 10 ba Jobo ka sefefo. Ka mor’a moo, Satane a otla Jobo ka lefu lena le tšabehang. Jobo a utloa bohloko haholo. Ke kahoo mosali oa Jobo a reng ho eena: ‘Rohaka Molimo ’me u shoe.’ Empa Jobo a hana. Ha boela ha tla metsoalle e meraro ea bohata, e neng e re o ne a phela ka tsela e mpe. Empa Jobo a ’na a tšepahala.

Sena se ile sa thabisa Jehova haholo, eaba ka mor’a moo o hlohonolofatsa Jobo, joalokaha u bona moo setšoantšong. A mo folisa. Jobo a ba le bana ba bang hape ba 10 ba batle, le likhomo, linku le likamele tse fetang tsa pele ka makhetlo a mabeli.

Na le uena u tla lula u tšepahala ho Jehova joaloka Jobo? Ha u lula u tšepahala, le uena Molimo o tla u hlohonolofatsa. U tla phela ka ho sa feleng ha lefatše lohle le etsoa hore le be letle joaloka serapa sa Edene.