Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 3

Topollo Egepeta ho Isa ho Morena oa Pele oa Iseraele

Topollo Egepeta ho Isa ho Morena oa Pele oa Iseraele

Moshe o ile a etella Baiseraele pele ho tloha botlamuoeng Egepeta ho ea Thabeng ea Sinai, moo Molimo a ileng a ba fa melao ea hae. Hamorao, Moshe a romela banna ba 12 ho ea hloela naha ea Kanana. Empa ba 10 ba khutla le tlaleho e mpe. Ba etsa hore batho ba batle ho khutlela Egepeta. Ka lebaka la ho haelloa ha bona ke tumelo, Molimo a otla Baiseraele ka ho etsa hore ba lelere lefeelleng ka lilemo tse 40.

Qetellong ho ile ha khethoa Joshua hore a etelle Baiseraele pele ho kena naheng ea Kanana. Ho ba thusa ho hapa naha eo, Jehova a etsa mehlolo. A emisa Nōka ea Jordane hore e se ke ea phalla, a etsa hore marako a Jeriko a oe, le hore letsatsi le eme tsi! motšehare kaofela. Ka mor’a lilemo tse tšeletseng, naha ea nkoa ho Bakanana.

Ho qala ka Joshua, Iseraele e ile ea busoa ke baahloli ka lilemo tse 356. Re ithuta ka ba bangata ba bona, ho kopanyelletsa Barake, Gideone, Jafeta, Samsone le Samuele. Hape re bala ka basali ba kang Rahaba, Debora, Jaele, Ruthe, Naomi le Delila. Ka kakaretso, Karolo ea BORARO e akaretsa pale ea lilemo tse 396.