Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 44

Rahaba o Pata Lihloela

Rahaba o Pata Lihloela

BANNA bana ba tsietsing. Ba tlameha ho baleha, ho seng joalo, ba tla bolaoa. Ke lihloela tsa Baiseraele, ’me mosali ea ba thusang ke Rahaba. Rahaba o lula mona ntlong e lerakong la motse oa Jeriko. A re fumane lebaka leo ka lona banna bana ba leng tsietsing.

Baiseraele ba se ba itokiselitse ho tšela Nōka ea Jordane ho kena naheng ea Kanana. Empa pele ba kena, Joshua o roma lihloela tse peli. O re ho tsona: ‘Tsamaeang le shebe naha le motse oa Jeriko.’

Ha lihloela li kena Jeriko, li ea ha Rahaba. Empa motho e mong o bolella morena oa Jeriko o re: ‘Baiseraele ba babeli ba kene mona bosiu ho tla hloela naha.’ Ha a utloa sena, morena o romela banna ho Rahaba, ’me baa mo laela ba re: ‘Ntša banna ba ka tlung ea hao!’ Empa Rahaba o patile lihloela marulelong a ntlo ea hae. Kahoo o re: ‘Banna ba bang ba tlile ha ka, empa ha ke tsebe hore na ba ne ba tsoa hokae. Ba tsamaile ha shoalane e tšoara, pele heke ea motse e koaloa. Ha le ka potlaka, le tla ba tšoara!’ Joale banna bao baa ba lelekisa.

Ka mor’a hore ba tsamaee, Rahaba o potlakela marulelong. O re ho lihloela: ‘Kea tseba hore Jehova o tla le neha naha ena. Re utloile kamoo a ileng a omisa Leoatle le Lefubelu ha le tloha Egepeta, le kamoo le bolaileng Morena Sihone le Morena Oge. Ke bile mosa ho lōna, ke kōpa le ntšepise hore le tla ba mosa ho ’na. Pholosang Ntate le ’Mè le banab’eso.’

Lihloela li tšepisa hore li tla etsa joalo, empa Rahaba o lokela ho etsa ntho e itseng. Lihloela li re: ‘Nka mohala ona o mofubelu u o tlamelle fensetereng ea hao ’me u bokelle ba heno kaofela ka tlung ea hao le uena. Ha re khutla re le kaofela ho tla hapa Jeriko, re tla bona mohala ona fensetereng ea hao ’me re ke ke ra bolaea motho le ea mong ka tlung ea hao.’ Ha lihloela li khutlela ho Joshua, li mo bolella sohle se etsahetseng.