Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 45

Ba Tšela Nōka ea Jordane

Ba Tšela Nōka ea Jordane

BONA! Baiseraele ba tšela Nōka ea Jordane! Empa metsi a kae? Kaha pula e na haholo nakong eo ea selemo, nōka e ne e tletse haholo metsotso e seng mekae e fetileng. Empa joale metsi a ile kaofela! ’Me Baiseraele ba tšela moo ho omileng, feela joalokaha ho ile ha etsahala Leoatleng le Lefubelu! Metsi ao kaofela a ile hokae? A re bone.

Ha ho fihla nako ea hore Baiseraele ba tšele Nōka ea Jordane, Jehova o ile a re Joshua a bolelle sechaba a re: ‘Baprista ba lokela ho nka areka ea selekane ’me ba re etelle pele. Ha ba kenya maoto a bona ka metsing a Nōka ea Jordane, joale metsi a tla emisa ho phalla.’

Kahoo baprista ba nka areka ea selekane, ’me ba etella sechaba pele ba e jere. Ha ba fihla Jordane, baprista ba hata ka metsing. Metsi a phalla ka matla ebile a tebile. Empa hang feela ha maoto a bona a thetsa metsi, metsi a emisa ho phalla! Ke mohlolo! Jehova o emisitse metsi a hlahang holimo. Kahoo, kapele-pele ha ho sa na metsi ka nōkeng!

Baprista ba jereng areka ea selekane ba kena bohareng ba nōka e omileng. Na ua ba bona setšoantšong moo? Ha baprista ba ntse ba eme moo, Baiseraele kaofela ba tšela Nōka ea Jordane ba tsamaea mobung o omileng!

Ha motho e mong le e mong a se a tšetse, Jehova o re Joshua a bolelle banna ba matla ba 12 a re: ‘Kenang ka nōkeng moo baprista ba emeng teng ka areka ea selekane. Le thonake majoe a 12, ’me le a bokelle moo le tla robala teng kaofela bosiung bona. Joale, nakong e tlang ha bana ba lōna ba botsa hore na majoe ana a bolela eng, le ba bolelle hore metsi a ile a emisa ho phalla ha areka ea selekane ea Jehova e tšela Jordane. Majoe ao a tla le hopotsa mohlolo ona!’ Joshua le eena o beha majoe a 12 moo baprista ba neng ba eme teng ka nōkeng.

Qetellong Joshua o re ho baprista ba jereng areka ea selekane: ‘Nyolohang le tsoe Jordane.’ Hang feela ha ba tsoa, nōka e qala ho phalla hape.