Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 46

Marako a Jeriko

Marako a Jeriko

KE ENG se heletsang marako aa a Jeriko? Ekare a otliloe ke bomo e khōlō. Empa mehleng eo batho ba ne ba se na libomo; esita le lithunya ba ne ba se na tsona. Ke mohlolo o mong oo Jehova a o entseng! A re ithute hore na o etsahetse joang.

Mamela hore na Jehova o re’ng ho Joshua: ‘Uena le banna ba hao ba loanang le lokela ho pota motse. Le o pote hang ka letsatsi ka matsatsi a tšeletseng. Le jare areka ea selekane. Baprista ba supileng ba e etelle pele ’me ba letse manaka a bona.

‘Ka letsatsi la bosupa le lokela ho pota motse ka makhetlo a supileng. Joale le letse manaka haholo, ’me e mong le e mong a hoeletse a etse mohoo o moholo oa ntoa. ’Me marako a tla heleha!’

Joshua le sechaba ba etsa seo Jehova a se bolelang. Ha ba ntse ba tsamaea, e mong le e mong o khutsitse. Ha ho ea buang letho. Ho utloahala molumo oa manaka le oa maoto a ba tsamaeang feela. E tlameha ebe lira tsa batho ba Molimo tse Jeriko li ile tsa tšoha. Na u bona mohala ola o mofubelu o leketlileng fensetereng? Ke fensetere ea mang eo? E, Rahaba o entse kamoo lihloela tse peli li mo laetseng kateng. Bohle ba lelapa labo ba na le eena ka hare ba shebeletse.

Qetellong, ka letsatsi la bosupa, ka mor’a ho pota motse ka makhetlo a supileng, ho lla manaka, banna ba loanang baa hoeletsa ’me marako aa heleha. Joale Joshua o re: ‘Bolaeang bohle ba motseng le be le o chese. Chesang ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Le boloke silevera, khauta, koporo le tšepe feela, ’me le li ise letlotlong la tente ea Jehova.’

Joshua o re ho lihloela tse peli: ‘E-eang ka tlung ea Rahaba, le mo ntše le bohle ba lelapa labo.’ Rahaba le ba lelapa labo baa pholosoa, feela joalokaha lihloela li ne li mo tšepisitse.