Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 47

Lesholu Iseraeleng

Lesholu Iseraeleng

BONA hore na monna enoa o pata eng ka tenteng ea hae! O pata seaparo se setle, setene sa khauta le likotoana tsa silevera. O li nkile motseng oa Jeriko. Empa e ne e lokela hore ebe ho entsoe’ng ka lintho tse Jeriko? Na u sa hopola?

Li ne li lokela hore ebe li sentsoe, ’me khauta le silevera li ne li lokela ho isoa letlotlong la tabernakele ea Jehova. Kahoo batho bana ha baa mamela Molimo. Ba utsoitse seo e leng sa Molimo. Lebitso la monna eo ke Akane, ’me o na le ba bang ba lelapa la hae. A re bone se etsahalang.

Ka mor’a hore Akane a utsoe lintho tsena, Joshua o roma banna ba bang ho ea loantša motse oa Ai. Empa baa hlōloa ntoeng. Ba bang baa bolaoa, ’me ba bang kaofela baa baleha. Joshua o utloile bohloko haholo. O itihela fatše ka sefahleho ’me o rapela Jehova o re: ‘Ke hobane’ng ha u lumeletse hore see se re etsahalle?’

Jehova oa araba o re: ‘Tsoha! Iseraele e entse sebe. Ba nkile lintho tse ling tse neng li lokela ho senngoa kapa ho isoa tabernakeleng ea Jehova. Ba utsoitse seaparo se setle ’me ba se patile. Nke ke ka u hlohonolofatsa pele u se senya ebile u timetsa motho ea nkileng lintho tsena.’ Jehova o re o tla bontša Joshua hore na monna enoa e mobe ke mang.

Kahoo Joshua o bokella batho bohle hammoho, ’me Jehova o ntša Akane, monna e mobe. Akane o re: ‘Ke entse sebe. Ke ile ka bona seaparo se setle, setene sa khauta le likotoana tsa silevera. Ke ne ke li batla hoo ke ileng ka li nka. Le tla li fumana li patiloe ka tenteng ea ka.’

Ha lintho tsena li fumanoa ’me li tlisoa ho Joshua, o re ho Akane: ‘Ke hobane’ng ha u re tliselitse khathatso? Joale Jehova o tla u tlisetsa khathatso!’ Kahoo batho bohle ba tlepetsa Akane le ba lelapa la hae ka majoe ho fihlela ba shoa. Na seo ha se bontše hore le ka mohla re se ke ra inkela lintho tseo e seng tsa rōna?

Ka mor’a moo Iseraele ea tsoa ho ea loantša Ai hape. Lekhetlong lena Jehova o thusa batho ba hae ’me baa hlōla ntoeng.