Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 51

Ruthe le Naomi

Ruthe le Naomi

KA Bibeleng u tla fumana buka e bitsoang Ruthe. Ke pale ea lelapa le neng le phela nakong ea baahloli ba Iseraele. Ruthe ke mosali e mocha oa naheng ea Moabe; hase oa sechaba sa Molimo sa Iseraele. Empa ha Ruthe a ithuta ka Molimo oa ’nete, Jehova, o mo rata haholo. Naomi ke mosali-moholo ea thusitseng Ruthe ho ithuta ka Jehova.

Naomi ke mosali oa Moiseraele. Eena le monna oa hae le bara ba hae ba babeli ba ile ba fallela naheng ea Moabe ha lijo li ne li haella Iseraele. Eaba ka letsatsi le leng monna oa Naomi oa shoa. Hamorao bara ba Naomi ba nyala banana ba babeli ba Bamoabe ba bitsoang Ruthe le Orpa. Empa ka mor’a lilemo tse ka bang 10, bara ba babeli ba Naomi ba shoa. Naomi le banana bao ba babeli ba ile ba utloa bohloko hakaakang! Joale Naomi o ne a tla etsa joang?

Ka letsatsi le leng Naomi o rera ho kena leetong le lelelele la ho khutlela ha habo. Ruthe le Orpa ba batla ho lula le eena, kahoo ba tsamaea le eena. Empa ka mor’a hore ba tsamaee sebakanyana, Naomi o re ho banana bao: ‘Khutlelang hae ’me le lule le bo-’m’a lōna.’

Naomi o aka banana bao o re ba tsamaee hantle. Joale ba qala ho lla, hobane ba rata Naomi haholo. Ba re: ‘Che! Re tla ea le uena sechabeng sa heno.’ Empa Naomi oa araba o re: ‘Khutlang barali ba ka. Le tla phela hamonate hae.’ Joale Orpa o qala ho khutlela hae. Empa Ruthe eena ha a khutle.

Naomi o retelehela ho eena o re: ‘Orpa o tsamaile. Le uena khutlela hae le eena.’ Empa Ruthe o re: ‘U se ke ua leka ho re ke u tlohele! E-re ke tsamaee le uena. Ke tla ea moo u eang, ’me ke phele moo u phelang teng. Batho ba heno e tla ba ba heso ’me Molimo oa hao e be Molimo oa ka. Ke tla shoela moo u shoelang teng, ’me ke hona moo ke tla pateloa teng.’ Ha Ruthe a bua joalo, Naomi ha a sa leka ho re a khutlele hae.

Qetellong basali bao ba babeli ba fihla Iseraele. Ke hona moo ba lulang teng. Hang-hang Ruthe o qala ho sebetsa masimong, hobane ke nako ea ho bokella harese. Monna ea bitsoang Boaze o mo lumella hore a bokelle harese masimong a hae. Na ua tseba hore ’mè oa Boaze e ne e le mang? E ne e le Rahaba oa motseng oa Jeriko.

Ka letsatsi le leng Boaze o re ho Ruthe: ‘Ke utloile tsohle ka uena le kamoo u bontšitseng mosa kateng ho Naomi. Ke tseba kamoo u tlohetseng ntat’ao le ’m’ao le naha ea heno kateng le kamoo u tlileng ho tla phela le batho bao u neng u sa ba tsebe pele. E se eka Jehova a ka ba molemo ho uena!’

Ruthe oa araba: ‘U mosa haholo ho ’na mohlomphehi. U entse hore ke ikutloe ke thabile ho latela tsela e ntle eo u mpuisitseng ka eona.’ Boaze o rata Ruthe haholo, ’me kapele baa nyalana. See se thabisa Naomi hakaakang! Empa Naomi o thaba le ho feta ha Ruthe le Boaze ba e-ba le mor’a bona oa letsibolo, ea bitsoang Obede. Hamorao Obede e ba ntate-moholo oa Davida, eo hamorao re tla ithuta haholo ka eena.

Buka ea Bibele ea Ruthe.