Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 4

Morena oa Pele oa Iseraele ho Isa Botlamuoeng Babylona

Morena oa Pele oa Iseraele ho Isa Botlamuoeng Babylona

Saule e bile eena morena oa pele oa Iseraele. Empa Jehova o ile a mo lahla ’me a khetha Davida hore e be morena sebakeng sa hae. Re ithuta lintho tse ngata ka Davida. Ha a sa le mocha, o ile a loantša Goliathe oa senatla. Hamorao a baleha Morena Saule ea mōna. Joale Abigaile mosali e motle a mo thibela ho etsa ntho e booatla.

Hape, re ithuta lintho tse ngata ka Solomone mor’a Davida, ea ileng a nka sebaka sa Davida e le morena oa Iseraele. Marena a pele a mararo a Iseraele a busitse ka lilemo tse 40, morena ka mong. Ka mor’a lefu la Solomone, Iseraele e ile ea aroloa hore e be mebuso e ’meli, ’muso o ka leboea le o ka boroa.

’Muso o ka leboea oa meloko e 10 o ile oa nka lilemo tse 257 pele o timetsoa ke Baassyria. Joale lilemo tse 133 hamorao, ’muso o ka boroa oa meloko e ’meli le oona o ile oa timetsoa. Lekhetlong lena Baiseraele ba ile ba isoa botlamuoeng Babylona. Kahoo Karolo ea BONE e akaretsa lilemo tse 510 tsa histori, e leng nako eo re bonang ho etsahala lintho tse susumetsang maikutlo.