Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 60

Abigaile le Davida

Abigaile le Davida

NA U tseba mosali eo e motle ea tlil’o kopana le Davida? Lebitso la hae ke Abigaile. Ke motho ea hlaphohetsoeng kelellong, ’me o thibela Davida ho etsa ntho e mpe. Empa pele re ithuta ka seo, a re bone se ’nileng sa etsahalla Davida.

Ka mor’a hore Davida a balehe Saule, o ipata ka lehaheng. Baholoane ba hae le ba bang bohle ba lelapa labo ba ea ho eena moo. Kaofela ke banna ba ka bang 400 ba tlang ho eena, ’me Davida e ba moeta-pele oa bona. Joale Davida o ea ho morena oa Moabe o re: ‘Ke kōpela Ntate le ’Mè ho lula le uena ho fihlela ke bona se etsahalang ka ’na.’ Hamorao Davida le banna ba hae ba qala ho ipata maralleng.

Davida o kopana le Abigaile ka morao ho mona. Monna oa hae Nabale ke morui ea nang le masimo. O na le linku tse 3 000 le lipōli tse 1 000. Nabale ke monna ea liketso li mpe. Empa mosali oa hae Abigaile o motle haholo. Hape o tseba ho etsa se nepahetseng. Ka lekhetlo le leng o bile o pholosa ba lelapa la hae. A re bone hore na o etsa seo joang.

Davida le banna ba hae ba bile mosa ho Nabale. Ba sirelelitse linku tsa hae. Joale ka letsatsi le leng Davida o romela banna ba bang ba hae ho ea kōpa mohau ho Nabale. Banna ba Davida ba fumana Nabale le bathusi ba hae ba ntse ba kuta linku. Ke letsatsi la mokete, ’me Nabale o na le lijo tse ngata tse monate. Kahoo banna ba Davida ba re: ‘Re bile mosa ho uena. Ha rea u utsoetsa linku, empa re li alositse. Joale re kōpa u re fe lijo.’

Nabale o re: ‘Nke ke ka fa banna ba kang lōna tjena lijo tsa ka.’ O ba buisa hampe haholo ebile o bua Davida hampe. Ha banna bao ba khutla ’me ba bolella Davida, Davida o halefa haholo. O re ho banna ba hae: ‘Nkang lisabole tsa lōna!’ ’Me ba kena tseleng ho ea bolaea Nabale le banna ba hae.

E mong oa banna ba Nabale, ea utloileng mantsoe a mabe a builoeng ke Nabale, o bolella Abigaile se etsahetseng. Hang-hang Abigaile o lokisa lijo. O li laela lieseleng ’me o kena tseleng. Ha a kopana le Davida, o theoha esele ea hae, oa inama ’me o re: ‘Monghali, ke kōpa u se ke ua tsotella Nabale, monna oa ka. Ke leoatla ebile o etsa ka booatla. Mpho ke ena. Ke kōpa u e nke ’me u re tšoarele ka se etsahetseng.’

Davida o araba ka hore: ‘U mosali ea bohlale. U nthibetse ho bolaea Nabale hore ke mo buseletse bobe ba hae. Joale ikele hae ka khotso.’ Hamorao ha Nabale a e-shoa, Abigaile e ba e mong oa basali ba Davida.