Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 63

Solomone Morena ea Bohlale

Solomone Morena ea Bohlale

SOLOMONE o qala ho busa a sa le monyenyane. O rata Jehova, ’me o latela keletso e ntle ea ntate oa hae Davida. Jehova o khahloa ke Solomone, ’me ka bosiu bo bong o re ho eena torong: ‘Solomone, u rata ha nka u fa eng?’

Solomone oa arabela: ‘Jehova Molimo oa ka, ke monyenyane haholo ’me ha ke tsebe ho busa. Kahoo, ak’u mphe bohlale ba ho busa sechaba sa hao ka tsela e nepahetseng.’

Jehova o thabela kōpo ea Solomone. Joale O re: ‘Kaha u kōpile bohlale eseng bophelo bo bolelele kapa maruo, ke tla u neha bohlale bo fetang ba bohle ba kileng ba phela. Empa hape ke tla u fa le seo u sa se kōpang, maruo le khanya.’

Ka mor’a nakoana basali ba babeli ba tla ho Solomone ka bothata bo boima. E mong oa bona oa hlalosa: ‘’Na le mosali enoa re lula ka tlung e le ’ngoe. Ke bile le ngoana oa moshemane, ’me matsatsi a mabeli hamorao le eena a ba le ngoana oa moshemane. Joale bosiung bo bong ngoana oa hae a shoa. Empa ha ke ntse ke robetse, a beha ngoana oa hae ea shoeleng pel’a ka ’me a nka oa ka. Eare ha ke tsoha ke sheba ngoana ea shoeleng, ka bona hore hase oa ka.’

Ho sa le joalo, mosali e mong o re: ‘Che! Ngoana ea phelang ke oa ka, ’me ea shoeleng ke oa hae!’ Joale mosali oa pele o re: ‘Che! Ngoana ea shoeleng ke oa hao, ea phelang ke oa ka!’ Basali bao ba ngangisana joalo. Solomone o tla etsa joang?

O re ho tlisoe sabole, ’me ha e fihla, o re: ‘Arolang ngoana ea phelang ka lehare, ’me le ba arolele eena.’

Mosali eo e leng ’mè oa ngoana oa lla o re: ‘Che! Se ke la bolaeang ngoana. Mo neheng eena!’ Empa mosali e mong o re: ‘Le se ke la mo neha e mong ho rōna; mo aroleng ka lehare.’

Qetellong Solomone o re: ‘Se ka bolaeang ngoana! Mo feng mosali oa pele. Ke eena ’mè oa ngoana.’ Solomone o tseba sena kahobane ’mè oa ngoana o rata ngoana hoo a reng a ka mpa a fuoa mosali e mong eseng a bolaoe. Ha batho ba utloa hore na Solomone o rarolotse bothata boo joang, ba thabela ho ba le morena ea bohlale joalo.

Ha Solomone e le morena, Molimo o hlohonolofatsa sechaba ka hore mobu o hlahise koro le harese ka bongata, merara le lifeiga le lijo tse ling. Batho ba apara liaparo tse ntle, ’me ba lula matlong a matle. Bohle ba na le lintho tse ngata.