Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 68

Bashemane ba Babeli ba Phelang Hape

Bashemane ba Babeli ba Phelang Hape

HAEBA u ne u ka shoa, ’mè oa hao o ne a tla ikutloa joang ha u ka phela hape? O ne a tla thaba haholo! Empa na motho ea shoeleng a ka phela hape? Na ho kile ha etsahala?

Ak’u shebe monna enoa, le mosali le moshanyana. Monna eo ke moprofeta Elia. Mosali eena ke mohlolohali oa motseng oa Sarepta ’me moshemane ke mora oa hae. Joale, ka letsatsi le leng moshemane enoa a kula. A ’na a kula joalo ’me qetellong a shoa. Elia joale o re ho mosali eo: ‘Mphe moshemane eo.’

Elia o isa ngoana ea shoeleng kamoreng e ka holimo ’me o mo robatsa liphateng. Joale oa rapela: ‘Oho Jehova, ak’u phelise moshemane enoa hape.’ Moshemane o qala ho hema! Joale Elia o mo khutlisetsa tlaase ’me o re ho mosali eo: ‘Bona, mora oa hao oa phela!’ Ke ka lebaka leo ’mè enoa a thabileng hakana.

Moprofeta e mong oa bohlokoa oa Jehova ke Elisha. O sebetsa e le mothusi oa Elia. Empa hamorao Jehova o sebelisa le Elisha hore a etse mehlolo. Ka letsatsi le leng Elisha o ea motseng oa Shuneme, moo mosali e mong a mo bontšang mosa o moholo. Hamorao mosali eo o ba le ngoana oa moshemane.

Ha ngoana eo a se a hōlile, hoseng ho hong o ea ho ntate oa hae ea ntseng a sebetsa masimong. Ka tšohanyetso moshemane o se a lla a re: ‘Ke tšoeroe ke hlooho!’ Ka mor’a hore a isoe hae, moshemane eo oa shoa. ’Mè oa hae o utloile bohloko hakaakang! Hang-hang oa tsamaea o lata Elisha.

Ha Elisha a fihla, o kena ka kamoreng eo ngoana ea shoeleng a leng ka ho eona. O rapela Jehova ’me o robala holim’a setopo. Kapele ’mele oa moshemane oa futhumala ’me o thimola ka makhetlo a supileng. ’Mè oa hae o thabile hakaakang ha a kena ’me a fumana moshemane oa hae a phela!

Batho ba bangata haholo ba shoele. Sena se utloisitse ba malapa a bona le metsoalle ea bona bohloko haholo. Ha re na matla a ho tsosa bafu. Empa Jehova o na le ’ona. Hamorao re tla ithuta kamoo a tla tsosa batho ba limilione tse ngata.