Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 71

Molimo o Tšepisa Paradeise

Molimo o Tšepisa Paradeise

SENA ke setšoantšo sa paradeise e tšoanang le eo mohlomong Molimo a ileng a e bontša moprofeta oa hae Esaia. Esaia o phetse nakoana ka mor’a lefu la Jonase.

Paradeise e bolela “serapa sa lipalesa” kapa “serapa sa boikhathollo.” Na e u hopotsa ntho e ’ngoe eo u seng u e bone bukeng ee? Na ha e tšoane le serapa se setle seo Jehova Molimo a neng a se etselitse Adama le Eva? Empa na lefatše lohle e sa tla ke e be paradeise?

Jehova o ile a bolella moprofeta oa hae Esaia hore a ngole ka paradeise e ncha e tlelang batho ba Molimo. O ile a re: ‘Liphiri le linku li tla lula hammoho ka khotso. Manamane a tla fula hammoho le litaoana, ’me a tla alosoa ke bana ba banyenyane. Esita le lesea le ke ke la tsoa kotsi ha le bapalla pel’a noha e chefo.’

Ba bangata ba ka ’na ba re: ‘Sena se ke ke sa etsahala. Haesale ho e-na le likhathatso lefatšeng, ’me li tla ’ne li be teng kamehla.’ Empa ak’u nahane ka sena: Molimo o ne a file Adama le Eva lehae la mofuta ofe?

Molimo o ile a beha Adama le Eva paradeiseng. Kahobane feela ba sa ka ba mamela Molimo, ba ile ba lahleheloa ke lehae la bona le letle, ba tsofala ’me ba shoa. Molimo o tšepisa hore o tla fa batho ba mo ratang lintho tseo Adama le Eva ba ileng ba li lahla.

Paradeiseng e ncha e tlang ha ho letho le tla ntša batho kotsi kapa le bake tšenyo. Ho tla ba le khotso e phethahetseng. Batho bohle ba tla phela hantle ’me ba thabe. Boemo bo tla ba kamoo Molimo a neng a batla hore bo be kateng qalong. Empa re tla ithuta hamorao hore na Molimo o tla etsa seo joang.