Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 73

Morena oa ho Qetela ea Molemo oa Iseraele

Morena oa ho Qetela ea Molemo oa Iseraele

JOSIASE o lilemo li robeli feela ha e e-ba morena oa meloko e ’meli e ka boroa ea Iseraele. O monyenyane haholo hore e ka ba morena. Qalong o thusoa ke batho ba bang ba baholo hore a buse sechaba.

Ha Josiase a se a busitse ka lilemo tse supileng o qala ho batla Jehova. O latela mohlala oa marena a molemo a kang Davida, Josafate le Ezekiase. Le pele a ba lilemo tse mashome a mabeli, Josiase o etsa ntho e bontšang hore o sebete haholo.

Baiseraele ba bangata ba bile babe ka nako e telele. Ba rapela melimo ea bohata. Ba khumamela litšoantšo. Joale Josiase o tsoa le banna ba hae ho tlosa borapeli ba bohata naheng. Ona ke mosebetsi o moholo hobane batho ba bangata ba rapela melimo ea bohata. Mona u bona Josiase le banna ba hae ba pshatla litšoantšo.

Ka mor’a moo, Josiase o beha banna ba bararo hore ba hlokomele ho lokisoa ha tempele ea Jehova. Ho bokelloa chelete ho batho ’me e fuoa banna bana ho lefella mosebetsi o tla etsoa. Ha ba ntse ba sebetsa tempeleng, Hilkia, moprista ea phahameng o fumana ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo moo. Ke buka ea molao eo Jehova a neng a itse Moshe a e ngole khale koana. E ne e lahlehile ka lilemo tse ngata.

Buka eo e isoa ho Josiase, ’me o kōpa hore a e balloe. Ha a ntse a mametse, Josiase oa bona hore batho ba ne ba ntse ba sa boloke molao oa Jehova. O utloa bohloko haholo hoo a bileng a tabolang liaparo tsa hae, joalokaha u bona. O re: ‘Jehova o re halefetse, hobane bo-ntat’a rōna ha baa ka ba boloka molao o ngotsoeng bukeng ena.’

Josiase o laela Hilkia moprista ea phahameng hore a batlisise hore na Jehova o tla ba etsa’ng. Hilkia o botsa moprofeta oa mosali, Hulda. Hulda o re a isetse Josiase molaetsa ona o tsoang ho Jehova: ‘Jerusalema le batho bohle ba tla otloa kahobane ba rapetse melimo ea bohata ’me lefatše le tletse bobe. Empa kaha uena, Josiase, u entse botle, kotlo ena e tla tla ha u se u shoele.’