Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 74

Monna ea sa Tšabeng

Monna ea sa Tšabeng

BONA batho ba tšeha mohlankana enoa. Na ua tseba hore ke mang? Ke Jeremia. Ke moprofeta oa bohlokoa haholo oa Molimo.

Hang ka mor’a hore Morena Josiase a qale ho senya litšoantšo tse rapeloang naheng, Jehova o laela Jeremia hore e be moprofeta oa Hae. Leha ho le joalo, Jeremia o nahana hore o sa le monyenyane haholo hore e ka ba moprofeta. Empa Jehova o re O tla mo thusa.

Jeremia o re Baiseraele ba khaotse ho etsa lintho tse mpe. O re: ‘Melimo eo batho ba lichaba ba e rapelang ke ea bohata.’ Empa Baiseraele ba bangata ba rata ho rapela litšoantšo ho fapana le ho rapela Molimo oa ’nete Jehova. Ha Jeremia a bolella batho hore Molimo o tla ba otlela bobe ba bona, baa mo tšeha.

Ho feta lilemo. Josiase oa shoa, ’me likhoeli tse tharo hamorao, mor’a hae Jojakime e ba morena. Jeremia o tsoela pele ho re ho batho: ‘Ha le sa fetole litsela tsa lōna tse mpe Jerusalema e tla timetsoa.’ Baprista ba tšoara Jeremia ’me baa hoeletsa ba re: ‘U lokela ho bolaeloa lintho tsena tseo u ntseng u li bua.’ Joale ba re ho likhosana tsa Iseraele: ‘Jeremia o lokela ho bolaoa hobane o buile motse oa rōna hampe.’

Joale Jeremia o tla etsa joang? Ha a tšabe letho! O re ho bona kaofela: ‘Jehova o nthometse hore ke le bolelle lintho tsena. Ha le sa fetole litsela tse mpe tseo le phelang ka tsona, Jehova o tla timetsa Jerusalema. Empa le tsebe hore ha le mpolaea, le tla be le bolaea motho ea se nang molato oa letho.’

Likhosana li tlohela Jeremia, empa Baiseraele ha ba fetole litsela tsa bona tse mpe. Hamorao Nebukadnezare, morena oa Babylona, oa tla ’me o loantša Jerusalema. Qetellong, Nebukadnezare o etsa Baiseraele bahlanka ba hae. O isa ba likete Babylona. Ak’u nahane feela, batho bao u sa ba tsebeng ba se ba u nka heno ba u isa naheng eo u sa e tsebeng!