Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 76

Jerusalema ea Timetsoa

Jerusalema ea Timetsoa

HO SE ho fetile lilemo tse 10 Morena Nebukadnezare a isitse Baiseraele bohle ba rutehileng Babylona. Joale bona se etsahalang! Jerusalema ea chesoa. ’Me Baiseraele ba sa bolaoang ba isoa Babylona e le batšoaruoa.

Hopola hore sena ke seo baprofeta ba Jehova ba ileng ba lemosa hore se tla etsahala ha batho ba sa fetole litsela tsa bona tse mpe. Empa Baiseraele ha baa ka ba mamela baprofeta. Ba ile ba itsoella pele ba rapela melimo ea bohata ho e-na le ho rapela Jehova. Kahoo batho bana ba lokela ho fuoa kotlo. Re tseba sena hobane moprofeta oa Molimo Ezekiele o re bolella lintho tse mpe tseo Baiseraele ba neng ba li etsa.

Na ua tseba hore Ezekiele ke mang? Ke e mong oa bahlankana bao Morena Nebukadnezare a ileng a ba isa Babylona lilemo tse fetang 10 pele Jerusalema e timetsoa. Daniele le metsoalle ea hae e meraro, Shadrake, Meshake le Abednego, le bona ba ile ba isoa Babylona ka nako eo.

Le hoja Ezekiele a le Babylona, Jehova o mo bontša lintho tse mpe tse etsahalang tempeleng koana Jerusalema. Jehova o etsa sena ka tsela ea mohlolo. Ezekiele o ntse a le Babylona, empa Jehova o mo bontša ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang tempeleng. Seo Ezekiele a se bonang sea tšosa!

Jehova o re ho Ezekiele: ‘Bona lintho tse nyonyehang tseo batho ba li etsang mona tempeleng. Bona mabota a toroiloeng litšoantšo tsa linoha le liphoofolo tse ling. Ak’u bone Baiseraele ba li rapelang!’ Ezekiele o bona lintho tsena, ’me o ngola se etsahalang.

Jehova o botsa Ezekiele: ‘Na u bona seo baeta-pele ba Iseraele ba se etsang sephiring?’ E, oa se bona. Ho na le banna ba 70, ’me kaofela ha bona ba rapela melimo ea bohata. Ba re: ‘Jehova ha a re bone. O tlohetse naha ena.’

Joale Jehova o bontša Ezekiele basali ba hekeng e ka leboea ea tempele. Ba lutse moo ba rapela Tamuze, molimo oa bohata. Joale ak’u bone banna bao ba monyako oa tempele ea Jehova! Ba ka ba 25. Ezekiele oa ba bona. Ba inama ba shebile bochabela ’me ba rapela letsatsi!

Jehova o re: ‘Batho bana baa ntella. Ha ba etse lintho tse mpe feela empa ba tla tempeleng ea ka ’me ba li etsetsa teng!’ Kahoo Jehova oa tšepisa o re: ‘Ba tla utloa bohale ba ka. ’Me ha ke na ho ba utloela bohloko ha ba timetsoa.’

Ka mor’a lilemo tse ka bang tharo feela Jehova a bontšitse Ezekiele lintho tsena, Baiseraele ba fetohela Morena Nebukadnezare. Kahoo o ea ho ba loantša. Ka mor’a selemo le halofo, Bababylona ba phunyeletsa marakong a Jerusalema ’me ba chesa motse. Batho ba bangata baa bolaoa kapa ba isoa Babylona e le batšoaruoa.

Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse hore Baiseraele ba timetsoe ka tsela e tšabehang hakaale? Ke hobane ha baa mamela Jehova ebile ha baa boloka melao ea hae. Sena se bontša kamoo ho leng bohlokoa kateng hore kamehla re etse seo Molimo a se bolelang.

Qalong, ke batho ba fokolang ka palo ba lumelloang ho lula naheng ea Iseraele. Morena Nebukadnezare o beha Mojuda ea bitsoang Gedalia hore a hlokomele batho bao. Empa joale Baiseraele ba bang ba bolaea Gedalia. Joale batho ba tšoha hore Bababylona ba tla tla ba ba timetse kaofela ka lebaka la ntho ena e mpe e etsahetseng. Kahoo ba qobella Jeremia hore a tsamaee le bona ’me ba balehela Egepeta.

Sena se etsa hore naha ea Iseraele e lule e se na batho ho hang. Ha ho motho ea lulang naheng eo ka lilemo tse 70. Ha ho motho le ea mong feela. Empa Jehova o tšepisa hore o tla khutlisetsa batho ba hae naheng eo ka mor’a lilemo tse 70. Ho sa le joalo, ho etsahala’ng ka batho ba Molimo naheng ea Babylona moo ba isitsoeng teng? A re bone.