Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 77

Ba Hana ho Inama

Ba Hana ho Inama

NA U sa hopola re bua ka bahlankana baa ba bararo? E, ke metsoalle ea Daniele e ileng ea hana ho ja lijo tse sa ba tšoanelang. Bababylona ba ne ba ba bitsa Shadrake, Meshake le Abednego. Empa ba shebe mona joale. Ke hobane’ng ha ba sa inamela setšoantšo see se seholo joaloka batho ba bang? A re bone.

Na u sa hopola melao e neng e ngotsoe ke Jehova ka ho toba e bitsoang Melao e Leshome? Oa pele o re: ‘U se ke ua rapela melimo leha e le efe e meng ka ntle ho ’na.’ Bahlankana bana ba mamela molao oo, le hoja ho se bonolo ho o mamela.

Morena Nebukadnezare oa Babylona, o bitsitse batho ba bangata ba bohlokoa ho tla hlompha setšoantšo sena seo a se emisitseng. O qeta ho re ho batho bohle: ‘Ha le utloa molumo oa lenaka, harepa le liletsa tse ling tsa ’mino, le lokela ho inama ’me le rapele setšoantšo sena sa khauta. Motho leha e le mang ea sa inameng le ho rapela o tla akheloa hona hoo ka sebōping se chesang.’

Nebukadnezare o halefa haholo ha a utloa hore Shadrake, Meshake le Abednego ba hanne ho inama. O re ba tlisoe ho eena. O ba fa monyetla o mong oa hore ba iname. Empa bahlankana bana ba tšepile Jehova. Ba re ho Nebukadnezare: ‘Molimo oa rōna eo re mo sebeletsang o tla re pholosa. Empa le haeba a sa re pholose, re ke ke ra inamela setšoantšo sa hao sa khauta.’

Ha Nebukadnezare a utloa sena o halefa le ho feta. Haufi le moo ho na le sebōpi sa mollo, ’me o re: ‘Besang sebōpi seo hasupa ho feta pele!’ ’Me o re banna ba matla lebothong la hae ba tlame Shadrake, Meshake le Abednego ba ba akhele ka sebōping seo. Mollo o chesa hoo banna bao ba matla ba bolaoang ke malakabe a oona. Empa ho etsahala’ng ka bahlankana ba bararo ba akhetsoeng ka ho oona?

Morena o sheba ka sebōping, ’me o tšoha haholo. Oa botsa: ‘Na ha rea tlama banna ba bararo ’me ra ba akhela ka sebōping se chesang sa mollo?’

Bahlanka ba hae ba araba ba re: ‘E, ho joalo.’

O re: ‘Empa ke bona banna ba bane ba tsamaea ka har’a mollo. Ha baa tlangoa le mollo ha o ba chese. Ebile oa bone o tšoana le molimo.’ Morena o atamela monyakong oa sebōpi, ’me oa hoeletsa o re: ‘Shadrake! Meshake! Abednego! Tsoang ka moo, lōna bahlanka ba Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa!’

Ha ba tsoa, batho bohle baa bona hore ha baa cha. Joale morena o re: ‘Ho bokoe Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego! O rometse lengeloi la hae ho ba pholosa hobane ba hanne ho inama le ho rapela molimo o mong haese oa bona feela.’

Na oo hase mohlala o motle oa ho tšepahala ho Jehova oo re lokelang ho o latela?