Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 81

Ba Tšepile Thuso ea Molimo

Ba Tšepile Thuso ea Molimo

BATHO ba likete tse ngata ba nka leeto le lelelele ha ba tloha Babylona ba khutlela Jerusalema. Empa ha ba fihla, ba fumana Jerusalema e le lithako. Ha ho motho ea lulang moo. Baiseraele ba tlameha ho haha ntho e ’ngoe le e ’ngoe bocha.

E ’ngoe ea lintho tseo ba qalang ho li haha ke aletare. Mona ke moo ba ka etsetsang Jehova mahlabelo a liphoofolo kapa limpho teng. Baiseraele ba qala ho haha tempele likhoeli tse seng kae hamorao. Empa lira tse phelang haufi le bona ha li rate ha Baiseraele ba e haha. Joale li leka ho ba tšosa e le hore ba se ke ba haha. Qetellong, lira tsena li re morena e mocha oa Persia a etse molao o thibelang mosebetsi oa ho haha.

Ha feta lilemo. Ho se ho fetile lilemo tse 17 joale Baiseraele ba khutlile Babylona. Jehova o romela baprofeta ba hae, Hagai le Zakaria hore ba bolelle batho hore ba qale ho haha hape. Batho ba tšepa hore Molimo o tla ba thusa, ’me ba mamela baprofeta bao. Ba qalisa ho haha hape, le hoja molao o re ba tlohele.

Kahoo ho tla ofisiri ea Persia e bitsoang Tatenai ’me e botsa Baiseraele hore na ba nka matla a ho haha tempele kae. Baiseraele ba mo bolella hore ha ba le Babylona, Morena Cyruse o ile a re ho bona: ‘E-eang Jerusalema ’me le hahe tempele ea Jehova, Molimo oa lōna.’

Tatenai o romela lengolo Babylona le botsang hore na ke ’nete hore Cyruse ea neng a se a shoele o buile joalo. Ka mor’a nakoana lengolo le tsoang ho morena e mocha oa Persia lea khutla. Le re ke ’nete hore Cyruse o buile joalo. Kahoo morena eo o re lengolong: ‘Tlohela Baiseraele ba hahele Molimo oa bona tempele. ’Me ke u laela hore u ba thuse.’ Tempele e nka lilemo tse ka bang ’nè ho qetoa, ’me Baiseraele ba thabile haholo.

Ho feta lilemo tse ling tse ngata. E se e le lilemo tse ka bang 48 joale tempele e qetiloe. Batho ba Jerusalema ba futsanehile, ’me motse le tempele ea Molimo ha li shebahale hantle. Moiseraele e mong ea bitsoang Esdrase, ea neng a ntse a le Babylona, o utloa hore tempele ea Molimo e hloka ho lokisoa. Na ua tseba hore na o etsa’ng?

Esdrase o ea ho Artaxerxese, e leng morena oa Persia, ’me morena eo ea molemo o mo fa limpho tse ngata tseo a eang le tsona Jerusalema. Esdrase o kōpa Baiseraele ba Babylona hore ba mo nkise limpho tsena ba li ise Jerusalema. Batho ba ka bang 6 000 ba lumela ho tsamaea le eena. Ba nka silevera, khauta le lintho tse ling tse ngata tsa bohlokoa.

Esdrase o tšohile, kaha ho na le batho ba babe tseleng eo ba tsamaeang ka eona. Batho bana ba ka ’na ba ba amoha silevera le khauta ’me ba ba bolaea. Kahoo Esdrase o bokella batho, joalokaha u bona setšoantšong moo. Ba rapela Jehova hore a ba sireletse ha ba tlil’o tsamaea sebaka se selelele ba khutlela Jerusalema.

Jehova oa ba sireletsa. Ka mor’a likhoeli tse ’nè ba fihla Jerusalema ba sireletsehile hantle. Na see ha se bontše hore Jehova a ka sireletsa batho ba tšepileng thuso ea hae?