Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 83

Marako a Jerusalema

Marako a Jerusalema

BONA mosebetsi ona oohle o etsoang mona. Baiseraele ba tšoarehile ba haha marako a Jerusalema. Ha Morena Nebukadnezare a timetsa Jerusalema lilemong tse 152 tse fetileng, o ile a heletsa marako a ba a chesa liheke tsa motse. Baiseraele ha baa ka ba qala ka ho tsosolosa marako ha ba khutla Babylona.

U nahana hore batho ba ne ba ikutloa joang ka lilemo tsee tsohle tseo ba phetseng motseng moo ho se na marako? Ba ne ba ikutloa ba sa sireletseha. Lira tsa bona li ne li ka ’na tsa ikenela habonolo feela ’me tsa ba loantša. Empa joale monna enoa, e leng Nehemia, o thusa batho hore ba tsosolose marako. Na ua tseba hore na Nehemia ke mang?

Nehemia ke Moiseraele oa motseng oa Shushane, e leng moo Mordekai le Esthere ba lulang teng. O ne a sebetsa tlung ea borena, kahoo e ka ’na eaba e ne e le motsoalle oa Mordekai le Mofumahali Esthere. Empa Bibele ha e bue ka hore Nehemia o ne a sebeletsa monna oa Esthere, e leng Morena Assueruse. O ile a sebeletsa morena ea mo hlahlamang, e leng Morena Artaxerxese.

Hopola hore Artaxerxese ke morena eloa ea molemo ea ileng a fa Esdrase chelete hore a khutlele Jerusalema ho ea lokisa tempele ea Jehova. Empa Esdrase ha aa ka a haha marako a oeleng a motse. A re bone hore na ho tlile joang hore Nehemia a etse mosebetsi ona.

Ho se ho fetile lilemo tse 13 Artaxerxese a file Esdrase chelete ea hore a lokise tempele. Joale Nehemia ke moqhatsetsi e moholo oa Morena Artaxerxese. Sena se bolela hore o tšella morena veine, ’me o tiisa hore ha ho motho ea lekang ho tšella morena chefo. Oo ke mosebetsi oa bohlokoa haholo.

Joale ka letsatsi le leng Nehemia o eteloa ke ngoan’abo, Hanani le banna ba bang ba tsoang naheng ea Iseraele. Ba mo bolella hore Baiseraele ba bothateng le hore marako a Jerusalema a ntse a oele. Sena se utloisa Nehemia bohloko haholo, ’me o rapela Jehova ka taba ena.

Ka letsatsi le leng morena oa bona hore Nehemia ha aa thaba, ’me oa botsa: ‘Ke hobane’ng ha u bonahala u sa thaba?’ Nehemia o re ke hobane Jerusalema e boemong bo bobe haholo le marako a eona a oele. Morena oa botsa: ‘U batla ho etsa’ng joale?’

Nehemia o re: ‘Ntumelle ke ee Jerusalema, e le hore nka tsosa marako.’ Morena Artaxerxese o mosa haholo. O lumella Nehemia ho tsamaea, ’me o mo thusa hore a fumane lifate tseo a tla haha ka tsona. Ha Nehemia a fihla Jerusalema, o bolella batho ka seo a rerang ho se etsa. Ba thabela seo, ’me ba re: ‘A re qaleng ho haha.’

Ha lira tsa Baiseraele li bona lerako le phahama, li re: ‘Re tlil’o ba bolaea, re emise mosebetsi oa ho haha.’ Empa Nehemia o utloa taba eo, ’me o fa basebetsi lisabole le marumo. O re: ‘Le se ke la tšaba lira tsa rōna. Loanelang banab’abo lōna, bana ba lōna le basali ba lōna le matlo a lōna.’

Batho ba sebete haholo. Ba lula ba hlometse motšehare le bosiu, ’me ba tsoela pele ho haha. Kahoo ba nka matsatsi a 52 feela ho qeta marako ao. Joale batho ba ikutloa ba sireletsehile ka har’a motse. Nehemia le Esdrase ba ruta batho molao oa Molimo, ’me batho ba thabile.

Empa lintho ha li tšoane le pele Baiseraele ba isoa Babylona e le batlamuoa. Batho ba busoa ke morena oa Persia ’me ba lokela ho mo sebeletsa. Leha ho le joalo Jehova o tšepisitse hore o tla tlisa morena e mocha le hore morena eo o tla tlisetsa batho khotso. Morena eo ke mang? O tla tlisa khotso joang lefatšeng? Ho feta lilemo tse ka bang 450 pele ho tsebahala letho ka morena eo. Joale ho tsoaloa ngoana oa bohlokoa haholo. Empa eo ke taba e ’ngoe.