Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 6

Ho Tsoaloa ha Jesu ho Isa Lefung la Hae

Ho Tsoaloa ha Jesu ho Isa Lefung la Hae

Lengeloi Gabriele le ile la romeloa ho moroetsana e mong e motle ea bitsoang Maria. Le ile la re o tla ba le ngoana ea tla busa e le morena ka ho sa feleng. Ngoana Jesu o ile a hlahela setaleng, moo balisa ba ileng ba mo etela teng. Hamorao, naleli e ile ea tataisa banna ba tsoang Bochabela ea ba isa ho ngoana. Re tlil’o ithuta hore na ke mang ea entseng hore ba bone naleli eo le hore na Jesu o ile a pholosoa joang boitekong ba ho mo bolaea.

Hape re ithuta ka Jesu ha a le lilemo li 12, a bua le baruti ka tempeleng. Jesu o ile a kolobetsoa lilemo tse 18 hamorao, ’me joale a qala mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho ruta, e leng oona oo Molimo a neng a mo rometse lefatšeng hore a o etse. Jesu o ile a khetha banna ba 12 hore e be baapostola ba hae, e le hore ba mo thuse ka mosebetsi ona.

Jesu o ile a boela a etsa mehlolo e mengata. O ile a fepa batho ba likete ka litlhapi tse nyenyane le mahobe a seng makae. A phekola ba kulang le ho tsosa bafu. Qetellong re tla ithuta lintho tse ling tse ngata tse ileng tsa etsahalla Jesu letsatsing la ho qetela la bophelo ba hae le kamoo a ileng a bolaoa kateng. Jesu o ile a qeta hoo e ka bang lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng a ruta, kahoo KAROLO ea 6 e akaretsa lilemo tse ka holimonyana ho 34.