Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 86

Banna ba Tataisoang ke Naleli

Banna ba Tataisoang ke Naleli

NA U bona naleli ela e khanyang eo e mong oa banna baa a e supileng? Naleli eo e hlahile ha ba tloha Jerusalema. Banna bana ba tsoa Bochabela, ’me ba ithuta linaleli. Ba lumela hore naleli ena e ncha e ba isa ho motho ea itseng oa bohlokoa.

Ha ba fihla Jerusalema, baa botsa: ‘O kae ngoana eo e tl’o ba morena oa Bajuda?’ “Bajuda” ke lebitso le leng la Baiseraele. Banna bao ba re: ‘Re bone naleli ea ngoana re sa le Bochabela, ’me re tlil’o mo rapela.’

Ha Heroda, eo e leng morena Jerusalema a utloa seo, oa halefa. O ne a sa rate hore morena e mong a mo nkele sebaka. Kahoo o bitsa baprista ba baholo, ’me oa ba botsa: ‘Morena ea tšepisitsoeng o tla tsoalloa hokae?’ Ba re: ‘Bibele e re Bethlehema.’

Eaba Heroda o bitsa banna ba tsoang Bochabela, o re: ‘E-eang le batle ngoana. Ha le mo fumane le ntsebise. Ke batla ho ea le ’na ke e’o mo rapela.’ Empa ha e le hantle, Heroda o batla ho bolaea ngoana eo ha a mo fumana!

Ka mor’a moo, naleli e etella banna bao pele ho ea Bethlehema, ’me e ema hantle sebakeng seo ngoana a leng ho sona. Ha banna bao ba kena ka tlung, ba fumana Maria le Jesu e monyenyane. Ba ntša limpho ba li fa Jesu. Empa hamorao Jehova o lemosa banna bao ka toro hore ba se ke ba khutlela ho Heroda. Kahoo ba khutlela naheng ea habo bona ka tsela e ’ngoe.

Ha Heroda a utloa hore banna ba tsoang Bochabela ba se ba ile hae, o halefa le ho feta. Kahoo o laela hore bashemane bohle ba lilemo li peli ho ea tlaase ba Bethlehema ba bolaoe. Empa Jehova o lemosa Josefa ka toro esale pele, ’me joale Josefa o isa lelapa la hae Egepeta. Hamorao, ha Josefa a utloa hore Heroda o shoele, o khutlela Nazaretha le Maria le Jesu. Jesu o hōlela moo.

U nahana hore ke mang ea neng a entse hore naleli eo e ncha e khanye? Hopola hore banna bao ba qalile ka ho ea Jerusalema ka mor’a hore ba bone naleli. Satane Diabolose o ne a batla ho bolaea Mora oa Molimo, ’me o ne a tseba hore Morena Heroda oa Jerusalema o tla leka ho mo bolaea. Kahoo e tlameha ebe ke Satane ea entseng hore naleli eo e khanye.