Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 89

Jesu o Hloekisa Tempele

Jesu o Hloekisa Tempele

JESU o shebahala a halefile mona, na ha ho joalo? Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha a halefile tjee? Ke hobane banna bana ba ka tempeleng ea Molimo e Jerusalema ba rata chelete haholo. Ba leka ho etsa chelete e ngata ka batho ba tlileng mona ho tla rapela Molimo.

Na u bona lipohoana tseo le linku le maebana kaofela? Banna bana ba rekisetsa liphoofolo tsena hona ka mona ka tempeleng. Na u tseba lebaka? Hobane Baiseraele ba hloka liphoofolo le linonyana e le hore ba etsetse Molimo mahlabelo ka tsona.

Molao oa Molimo o ne o re ha Moiseraele a fositse, o lokela ho etsetsa Molimo sehlabelo. Hape Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa mahlabelo ka linako tse ling. Empa Moiseraele o ne a ka fumana hokae linonyana le liphoofolo tseo a etsetsang Molimo sehlabelo ka tsona?

Baiseraele ba bang ba ne ba ruile linonyana le liphoofolo. Kahoo ba ne ba ka etsa mahlabelo ka tsona. Empa Baiseraele ba bangata ba ne ba se na liphoofolo kapa tsona linonyana. ’Me ba bang ba ne ba lula hōle le Jerusalema hoo ba neng ba ke ke ba tla le tsona tempeleng. Kahoo batho ba bang ba ne ba reka liphoofolo kapa linonyana tseo ba li hlokang moo. Empa banna bana ba ne ba lefisa batho chelete e ngata haholo. Ba qhekella batho. Ebile ba ne ba sa lokela ho rekisetsa ka mona ka tempeleng ea Molimo.

Sena ke sona se halefisang Jesu. Joale o phethola litafole tsa banna bao, o hasanya lichelete tsa bona tsa tšepe. Hape o etsa sephali sa liropo o ntšetsa liphoofolo tsohle ka ntle ho tempele. O laela banna bao ba rekisang maeba o re: ‘A ntšeng ka mona! Khaotsang ho etsa ntlo ea Ntate sebaka sa ho bokella chelete.’

Jesu o na le balateli ba bang ba hae mona tempeleng Jerusalema. Ba makatsoa ke seo ba bonang Jesu a se etsa. Joale ba hopola ka Bibeleng moo ho thoeng ka Mora oa Molimo: ‘Ho rata ntlo ea Molimo ho tla mo chesa joaloka mollo.’

Jesu o etsa mehlolo e mengata ha a le Pasekeng mona Jerusalema. Ka mor’a moo, o tsamaea sebaka se selelele ho tloha Judea ho khutlela Galilea. Empa ha a le tseleng, o fapohela seterekeng sa Samaria. A re bone se etsahalang ha a le moo.