Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 92

Jesu o Tsosa Bafu

Jesu o Tsosa Bafu

NGOANANA eo u mo bonang mona o lilemo li 12. Jesu o mo tšoere ka letsoho, ’me ntate oa hae le ’mè oa hae ba eme haufi le eena. Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha ba thabile hakaale? A re bone.

Ntate oa ngoanana eo ke motho oa bohlokoa ea bitsoang Jairuse. Ka letsatsi le leng morali oa hae oa kula, ’me o robatsoa betheng. Empa ha a hlaphoheloe. O ntse a kula le ho feta. Jairuse le mosali oa hae ba khathatsehile haholo, kaha ho bonahala hore morali oa bona o tl’o shoa. Ke eena feela morali eo ba nang le eena. Joale Jairuse o ea ho ea batla Jesu. O utloetse ka mehlolo eo Jesu a e etsang.

Jairuse o fumana Jesu a pota-potiloe ke bongata bo boholo. Empa Jairuse o feta har’a bongata boo ’me o itihela maotong a Jesu. O re: ‘Morali oa ka o kula haholo. Tl’o mo folise hle, kea u kōpa.’ Jesu o re oa tla.

Ha ba ntse ba tsamaea, bongata bo tsamaea bo ntse bo sutumetsana bo batla ho atamela. Ka tšohanyetso Jesu oa ema. Oa botsa o re: ‘Ke mang ea nkamileng?’ Jesu o ne a utloa hore matla a tsoile ho eena, kahoo oa tseba hore ho na le motho ea mo amileng. Empa o anngoe ke mang? O anngoe ke mosali e mong ea qetileng lilemo tse 12 a kula. O ile a atamela haufi le Jesu ’me a ama liaparo tsa hae, eaba oa fola!

Sena se khothatsa Jairuse le ho feta, kaha oa bona hore na ho bonolo hakaakang hore Jesu a folise motho. Empa joale ho fihla moromuoa. O re ho Jairuse: ‘U se ke ua hlola u khathatsa Jesu. Morali oa hao o shoele.’ Jesu o utloa seo ’me o re ho Jairuse: ‘U se ke oa tšoenyeha, morali oa hao o tla loka.’

Qetellong ha ba fihla ha Jairuse, ba fumana batho ba ntse ba lla habohloko. Empa Jesu o re: ‘Se keng la lla. Ngoana ha aa shoa. O mpa a robetse.’ Empa batho ba tšeha Jesu ebile baa mo phoqa, hobane baa tseba hore o shoele.

Joale Jesu o kena ka kamoreng eo ngoanana a robetseng ka ho eona o kena le ntate oa ngoanana le ’mè oa hae le baapostola ba hae ba bararo. O tšoara ngoanana ka letsoho, o re: ‘Tsoha!’ Ngoanana o khutlela bophelong, joalokaha u mo bona mona. Oa ema ’me o qala ho tsamaea! Ke kahoo batsoali ba hae ba thabileng hakana.

Enoa hase eena motho oa pele eo Jesu a mo tsosang bafung. Oa pele eo Bibele e buang ka eena ke mora oa mohlolohali oa motseng oa Naine. Hamorao Jesu o tsosa le Lazaro bafung, e leng khaitseli ea Maria le Maretha. Ha Jesu a se a busa e le morena oa Molimo, o tla tsosa bafu ba bangata haholo. Na hoo hase ho thabisang?