Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 96

Jesu o Phekola ba Kulang

Jesu o Phekola ba Kulang

JESU o phekola ba kulang ha a ntse a pholletsa le naha. Ho buuoa ka mehlolo ena metseng le metsaneng e haufi. Kahoo batho ba mo tlisetsa lihlotsa, lifofu, lithōlō le ba bang ba bangata ba kulang. Jesu o ba phekola kaofela ha bona.

Ho se ho fetile lilemo tse fetang tse tharo joale Johanne a kolobelitse Jesu. Jesu o bolella baapostola ba hae hore o haufi le ho ea Jerusalema, moo a tlang ho bolaeloa teng le ho tsosoa bafung. Ho sa le joalo, Jesu o tsoela pele ho phekola ba kulang.

Ka letsatsi le leng, Jesu o ntse a ruta ka letsatsi la Sabatha. Sabatha ke letsatsi leo Bajuda ba phomolang ka lona. Mosali eo u mo bonang mona o ne a kula haholo. O qetile lilemo tse 18 a kobehile, a sitoa ho ema a otlolohile. Kahoo Jesu o mo beha matsoho, ’me oa otloloha. O se a folile!

Sena se halefisa baeta-pele ba bolumeli. E mong oa bona o re ho bongata: ‘Re na le matsatsi a tšeletseng ao re ka sebetsang ka ’ona. Ao ke ’ona matsatsi ao le ka tlang ho tla phekoloa ka ’ona, eseng ka Sabatha!’

Empa Jesu o re: ‘Lōna banna ba babe. Ha e ne e le esele ea lōna le ne le tla e tlamolla le e’o e noesa ka Sabatha. Na mosali enoa oa batho, ea qetileng lilemo tse 18 a kula, ha aa lokela ho phekoloa ka Sabatha?’ Karabo ea Jesu e soabisa banna bao ba babe.

Hamorao Jesu le baapostola ba hae ba kena tseleng e eang Jerusalema. Ha ba le ka ntle ho motse oa Jeriko, lifofu tse peli tsa mekōpa-kōpa lia utloa hore ke Jesu ea fetang. Kahoo lia hoeletsa li re: ‘Jesu, re thuse!’

Jesu o bitsa lifofu tseo, ’me o re: ‘Le batla ke le etsetse’ng?’ Li re: ‘Morena tutubolla mahlo a rōna.’ Jesu o ama mahlo a tsona, ’me hang-hang lia bona! Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Jesu a etsa mehlolo ee eohle? Ke hobane o rata batho ’me o batla hore ba lumele ho eena. Joale re ka kholiseha hore ha a se a busa e le Morena ha ho motho ea tla hlola a kula lefatšeng.