Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 99

Ka Kamoreng e ka Holimo

Ka Kamoreng e ka Holimo

JOALE ke Labone bosiu, matsatsi a mabeli hamorao. Jesu o tlile ka kamoreng ena e khōlō e ka holimo ho tla ja lijo tsa Paseka le baapostola ba hae ba 12. Monna eo u mo bonang a tsoa ke Judase Iskariota. O il’o bolella baprista hore na ba ka tšoara Jesu joang.

Ka la maobane, Judase o ne a ile a ea ho bona ’me a ba botsa a re: ‘Le tla mpha’ng ha nka le thusa ho tšoara Jesu?’ Ba re: ‘Likotoana tse 30 tsa silevera.’ Joale Judase o il’o kopana le banna bana e le hore a ba ise ho Jesu. Na ee hase taba e mpe?

Lijo tsa Paseka li felile. Empa joale Jesu o qala lijo tse ling tsa bohlokoa haholo. O fa baapostola ba hae bohobe, ’me o re: ‘Bo jeng, hobane bo emela ’mele oa ka o tla fanoa molemong oa lōna.’ Joale o ba fa senoelo sa veine, ’me o re: ‘E noeng, hobane e emela mali a ka a tla tšolloa molemong oa lōna.’ Bibele e re sena ke ‘lijo tsa shoalane tsa Morena,’ kapa ‘lijo tsa Morena tsa mantsiboea.’

Baiseraele ba ne ba ja Paseka ho ikhopotsa ha lengeloi la Molimo le ne le feta holim’a matlo a bona Egepeta, ’me le bolaea matsibolo matlong a Baegepeta. Empa joale Jesu o batla hore balateli ba hae ba mo hopole, ’me ba hopole kamoo a ileng a ba tella bophelo ba hae kateng. Ke kahoo a reng ba keteke lijo tsena tsa bohlokoa selemo le selemo.

Ha ba qeta ho ja Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, Jesu o re baapostola ba hae ba be sebete ’me ba tiee tumelong. Qetellong, ba binela Molimo lipina ’me baa tsoa. E se e le bosiu haholo joale, mohlomong e se e le ka meso. A re bone hore na ba ea hokae.