Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 100

Jesu Serapeng

Jesu Serapeng

HA Jesu le baapostola ba hae ba tsoa ka kamoreng e ka holimo, ba ea serapeng sa Gethesemane. Ba ne ba kile ba ea moo ka makhetlo-khetlo. Joale Jesu o re ba falimehe ’me ba rapele. O ea thōkoana, o inamisa sefahleho oa rapela.

Hamorao Jesu o khutlela ho baapostola ba hae. U nahana hore ba ntse ba etsa’ng? Ba robetse! Jesu o re ho bona ka makhetlo a mararo ba falimehe, empa nako le nako ha a khutla o fumana ba robetse. Ha Jesu a khutlela ho bona ka lekhetlo la ho qetela o re: ‘Le ka robala joang nakong e tjee? Nako e fihlile ea hore ke neheloe matsohong a lira tsa ka.’

Hona hoo ho utloahala lerata la batho ba bangata. Bona! Banna bao ba tla ba nkile lisabole le melangoana! Hape ba tšoere mabone hore ba khantše ka ’ona. Ha ba atamela, e mong o ea ho Jesu o fihla a ema pel’a hae. Oa mo aka, joalokaha u bona moo. Monna eo ke Judase Iskariota! Ke hobane’ng ha a aka Jesu?

Jesu oa botsa: ‘Judase, na u nkeka ka kako?’ Ha e le hantle, ho mo aka hoo ke pontšo. Ke tsela ea ho tsebisa banna ba nang le Judase hore Jesu eo le ntseng le mo batla ke enoa. Joale lira tsa Jesu lia atamela ’me lia mo tšoara. Empa Petrose o batla ho loanela Jesu hore ba se ke ba mo nka. O ntša sabole ea hae o hlatha monna e mong ea pel’a hae ka eona. Sabole eo e fosa monna eo hloohong ’me e mo khaola tsebe e ka letsohong le letona. Empa Jesu o ama tsebe ea monna eo oa e folisa.

Jesu o re ho Petrose: ‘Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona. Na ha u tsebe hore nka kōpa Ntate hore a romele mangeloi a likete hore a mpholose?’ Ka sebele, a ka etsa joalo! Empa Jesu ha a kōpe Molimo hore a romele mangeloi, hobane oa tseba hore nako ea hore lira tsa hae li mo nke e fihlile. Kahoo o lumela hore li mo nke. A re bone se etsahalang ka Jesu joale.