Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 101

Jesu oa Bolaoa

Jesu oa Bolaoa

AK’U bone ntho ena e tšabehang e etsahalang joale! Jesu o-oa bolaoa. Ba mo khokhothetse thupeng. O khokhothetsoe ka lipekere matsohong le maotong. Ke hobane’ng ha ba etsa Jesu tjee?

Ke hobane batho ba bang ba hloile Jesu. Na ua ba tseba? E mong oa bona ke lengeloi le khopo, e leng Satane Diabolose. Ke eena ea ileng a etsa hore Adama le Eva ba se ke ba mamela Jehova. Ke Satane hape ea etsang hore lira tsa Jesu li etse ntho ena e sehlōhō hakana.

Lira tsa Jesu lia mo nyefola le pele a khokhothelloa thupeng moo. Na u sa hopola ha li tla serapeng sa Gethesemane ho tla mo tšoara? Lira tseo tsa hae ke bo-mang? E, ke baeta-pele ba bolumeli. Joale a re bone se etsahalang ka mor’a moo.

Ha baeta-pele ba bolumeli ba tšoara Jesu, baapostola ba hae baa baleha. Ba siea Jesu a le mong ka har’a lira tseo tsa hae, hobane ba tšohile. Empa moapostola Petrose le moapostola Johanne ha ba ee hōle haholo. Ba salla morao e le hore ba bone se etsahallang Jesu.

Baprista ba isa Jesu ho monna-moholo e mong ea bitsoang Anna, eo e kileng ea e-ba moprista ea phahameng. Bongata ha bo lule nako e telele moo. Joale ba isa Jesu ha Kaifase, eo joale e leng eena moprista ea phahameng. Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba bokane moo ha hae.

Ba tšoarela nyeoe moo ha Kaifase. Ho tlisoa batho ba etselletsang Jesu. Baeta-pele bohle ba bolumeli ba re: ‘Jesu o lokela ho bolaoa.’ Joale ba mo tšoela ka mathe mahlong, ebile ba mo otla ka litebele.

Ha tsena tsohle li ntse li etsahala, Petrose o ntse a le ka ntle lebaleng. Ke bosiu hoa bata, ’me batho ba besa mollo. Ha ba ntse ba ikomosa mollong, lekhabunyane le leng le sheba Petrose, ’me le re: ‘Monna enoa le eena o ne a e-na le Jesu.’

Petrose o re: ‘Che, e ne e se ’na!’

Ka makhetlo a mararo batho ba ’na ba re Petrose o ne a e-na le Jesu. Empa Petrose a ’na a hana. Ha Petrose a hana ka lekhetlo la boraro, Jesu a reteleha ’me a mo sheba. Petrose a utloa bohloko ka ho tebileng ka hore ebe o buile leshano leo, ’me a tsoela thōko a bokolla.

Ha letsatsi le chaba ka Labohlano hoseng, baprista ba isa Jesu holong ea bona e khōlō eo ba kopanelang ho eona, e leng holo ea Sanhedrine. Ha ba le moo ba buisana ka hore na ba tla etsa’ng ka eena. Ba mo isa ho Ponse Pilato, ’musi oa setereke sa Judea.

Baprista ba re ho Pilato: ‘Monna enoa ke motho e mobe. O lokela ho bolaoa.’ Ka mor’a hore Pilato a botse Jesu lipotso, o re: ‘Ha ke fumane letho le phoso leo a le entseng.’ Joale Pilato o isa Jesu ho Heroda Antipase. Heroda ke ’musi oa Galilea, empa o lula Jerusalema. Heroda le eena ha a fumane letho le phoso leo Jesu a le entseng, kahoo o mo khutlisetsa ho Pilato.

Pilato o batla ho lokolla Jesu. Empa lira tsa Jesu li batla hore ho lokolloe motšoaruoa e mong ho e-na le eena. Monna eo ke Barabase oa lesholu. Ke motšehare o moholo joale ha Pilato a ntšetsa Jesu ka ntle. O re ho batho: ‘Bonang! Morena oa lōna!’ Empa baprista ba ka sehloohong baa hooa, ba re: ‘Ha a tlosoe! Ha a bolaoe! Ha a bolaoe!’ Kahoo Pilato o lokolla Barabase, ’me ba nka Jesu ho ea mo bolaea.

Jesu o khokhothelloa thupeng ka Labohlano motšehare oa mantsiboea. Ka thōko ho Jesu ho fanyehiloe linokoane tse peli thupeng, le hoja u ke ke ua li bona moo setšoantšong. Nakoana pele Jesu a shoa, senokoane se seng se re ho eena: ‘U nkhopole ha u kena ’musong oa hao.’ Jesu o re: ‘Kea u tšepisa hore u tla ba le ’na Paradeiseng.’

Na eo hase tšepiso e monate? Na ua tseba hore na Jesu o bua ka paradeise efe? Paradeise eo Molimo a e entseng tšimolohong e ne e le hokae? E, e ne e le mona lefatšeng. Ha Jesu a se a busa e le morena leholimong, o tla tsosa monna eo bafung e le hore a phele Paradeiseng e ncha ea lefatšeng. Na eo hase taba e thabisang?