Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 7

Tsoho ea Jesu ho Isa Litlamong Tsa Pauluse

Tsoho ea Jesu ho Isa Litlamong Tsa Pauluse

Ka letsatsi la boraro Jesu a shoele, o ile a tsoha bafung. Letsatsing leo, a itlhahisa ho balateli ba hae ka makhetlo a mahlano a sa tšoaneng. Jesu a ’na a itlhahisa ho bona ka matsatsi a 40. Joale, ha barutuoa ba bang ba hae ba ntse ba shebeletse, Jesu o ile a nyolohela leholimong. Matsatsi a leshome hamorao, Molimo a tšollela moea oa hae o halalelang ho balateli ba Jesu ba neng ba letile Jerusalema.

Hamorao, lira tsa Molimo li ile tsa kenya baapostola teronkong, empa lengeloi la ba lokolla. Bahanyetsi ba bolaea morutuoa Setefane ka ho mo tlepetsa ka majoe. Empa re ithuta kamoo Jesu a ileng a khetha e mong oa bahanyetsi bana hore e be mohlanka oa hae ea khethehileng, ’me ea e-ba moapostola Pauluse. Joale, lilemo tse tharo le halofo ka mor’a lefu la Jesu, Molimo a romela moapostola Petrose ho ea bolella Korneliase eo e seng Mojuda le ba ntlo ea hae litaba tse molemo.

Lilemo tse ka bang 13 hamorao, Pauluse o ile a qala leeto la hae la pele la ho bolela litaba tse molemo. Leetong la hae la bobeli, Timothea a tsamaea le Pauluse. Re ithuta kamoo Pauluse le metsoalle ea hae e neng e tsamaea le eena ba bileng le nako e thabisang kateng ha ba sebeletsa Molimo. Qetellong, Pauluse o ile a kenngoa teronkong Roma. Lilemo tse peli hamorao, a lokolloa, empa o ile a kenngoa teronkong hape ’me a bolaoa. Liketsahalo tsa KAROLO EA 7 li etsahetse ka nako ea lilemo tse ka bang 32.