Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 103

Ka Kamoreng e Notletsoeng

Ka Kamoreng e Notletsoeng

KA MOR’A hore Petrose le Johanne ba tlohe lebitleng moo setopo sa Jesu se neng se le teng, Maria o sala moo a le mong. O qalella ho lla. Ka mor’a moo oa nyarela ’me o sheba ka lebitleng, joalokaha re bone setšoantšong se fetileng. Joale o bona mangeloi a mabeli! Aa mo botsa: ‘U llela’ng?’

Maria oa araba o re: ‘Ba nkile Morena oa ka, ’me ha ke tsebe moo ba mo behileng teng.’ Joale Maria oa reteleha ’me o bona monna e mong. Monna eo oa mo botsa: ‘U ntse u batla mang?’

Maria o nahana hore monna eo ke mohlokomeli oa serapa, le hore e ka ’na eaba o nkile setopo sa Jesu. Kahoo Maria o re: ‘Haeba u se nkile, mpolelle hore na u se behile hokae.’ Empa, ha e le hantle, monna enoa ke Jesu. O ’meleng oo Maria a sa o lemoheng. Empa ha Jesu a mo bitsa ka lebitso, joale Maria oa tseba hore ke Jesu. Oa matha ’me o bolella barutuoa: ‘Ke bone Morena!’

Hamorao letsatsing lona leo, ha barutuoa ba babeli ba le tseleng e eang motseng oa Emmause, monna e mong o tsamaea le bona. Barutuoa ba utloile bohloko haholo hobane Jesu o bolailoe. Empa ha ba ntse ba tsamaea, monna eo o hlalosa lintho tse ngata tse ka Bibeleng tse ba khothatsang. Qetellong, ha barutuoa ba ema hore ba je, baa hlokomela hore monna enoa ke Jesu. Joale Jesu oa nyamela, ’me barutuoa bana ba babeli ba khutlela ka potlako Jerusalema ho ea bolella baapostola ka eena.

Ho sa le joalo, Jesu o itlhahisa le ho Petrose. Ba bang baa thaba ha ba utloa sena. Joale barutuoa bana ba babeli ba ea Jerusalema ’me ba fumana baapostola. Ba ba phetela kamoo Jesu a ileng a itlhahisa le ho bona ha ba le tseleng. Na u tseba mohlolo o etsahalang ha ba ntse ba pheta seo?

Sheba setšoantšong mona. Jesu o itlhahisa hona ka kamoreng eo, le hoja monyako o notletsoe. Barutuoa ba thabile hakaakang! Na leo ha se letsatsi la thabo? Na u ka bala makhetlo ao Jesu a seng a itlhahisitse ho balateli ba hae ka ’ona ho fihlela joale? Na ke makhetlo a mahlano?

Moapostola Thomase ha a eo ha Jesu a itlhahisa. Kahoo barutuoa baa mo bolella ba re: ‘Re bone Morena!’ Empa Thomase o re pele a ka lumela o tlameha a iponele Jesu ka boeena. Joale, matsatsi a robeli hamorao barutuoa ba bokane hammoho hape ka kamoreng e notletsoeng, ’me lekhetlong lena Thomase o na le bona. Ka tšohanyetso Jesu o itlhahisa hona ka kamoreng eo. Joale Thomase oa lumela.