Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 104

Jesu o Khutlela Leholimong

Jesu o Khutlela Leholimong

HA MATSATSI a ntse a feta, Jesu o iponahatsa ho balateli ba hae ka makhetlo a mangata. Ka lekhetlo le leng o bonoa ke barutuoa ba ka bang 500. Ha a itlhahisa ho bona, na ua tseba hore Jesu o buisana le bona ka eng? O bua ka ’Muso oa Molimo. Jehova o ile a romela Jesu lefatšeng ho tla ruta ka ’Muso. O tsoela pele ho etsa joalo esita le ka mor’a hore a tsosoe bafung.

Na u sa hopola hore na ’Muso oa Molimo ke eng? E, ’Muso ke puso ea sebele ea Molimo e leholimong, ’me Molimo o khethile Jesu hore e be Eena morena. Joalokaha re se re ithutile, Jesu o bontšitse hore na e tla ba morena ea babatsehang hakaakang ka hore a fepe batho ba lapileng, a folise ba kulang esita le ka hore a tsosetse bafu bophelong!

Kahoo ha Jesu a se a busa leholimong e le morena ka lilemo tse sekete, ho tla ba joang lefatšeng? Lefatše lohle le tla etsoa paradeise e ntle. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le lintoa, tlōlo ea molao, kapa ho kula esita le lefu. Rea tseba hore sena ke ’nete hobane Molimo o ile a etsa lefatše paradeise hore batho ba e thabele. Ke ka lebaka leo qalong a ileng a etsa serapa sa Edene. Jesu o tla tiisa hore seo Molimo a batlang hore se etsoe se qetella se phethiloe.

Joale ho fihla nako ea hore Jesu a khutlele leholimong. Jesu o ’nile a itlhahisa ho barutuoa ba hae ka matsatsi a 40. Kahoo ba kholisehile hore o boetse oa phela. Empa pele a siea barutuoa ba hae o re ho bona: ‘Le lule Jerusalema ho fihlela le amohela moea o halalelang.’ Moea o halalelang ke matla a sebetsang a Molimo, o joaloka moea o fokang, ’me o tla thusa balateli ba hae ho etsa thato ea Molimo. Qetellong, Jesu o re: ‘Le bolele ka ’na ho isa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa lefatše.’

Ka mor’a hore Jesu a bue sena, ho etsahala ntho e makatsang. O qala ho nyolohela leholimong, joalokaha u bona mona. Joale leru lea mo koahela, ’me barutuoa ha ba sa bona Jesu. Jesu o ea leholimong, ’me o qala ho busa balateli ba hae ba lefatšeng a le moo.