Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 106

Ba Lokolloa Teronkong

Ba Lokolloa Teronkong

BONA lengeloi lena le butseng monyako oa teronko. Banna bao le ba lokollang ke baapostola ba Jesu. A re bone hore na ba kentsoe teronkong ka lebaka lefe.

Ho se ho fetile nakoana feela barutuoa ba Jesu ba tšolletsoe moea o halalelang. ’Me ho etsahala sena: Ka letsatsi le leng motšehare oa mantsiboea, Petrose le Johanne ba ea tempeleng Jerusalema. Haufi le monyako oa tempele, ho na le monna ea hlahileng a holofetse. Batho ba mo beha moo letsatsi le leng le le leng hore a kōpe chelete ho ba kenang ka tempeleng. Ha a bona Petrose le Johanne, o kōpa hore ba mo fe ho hong. Baapostola ba tla etsa joang?

Baa ema ’me ba sheba monna enoa oa sono. Petrose o re: ‘Ha ke na chelete, empa ke tla u fa seo ke nang le sona. Ka lebitso la Jesu, ema u tsamaee!’ Joale Petrose o mo tšoara ka letsoho le letona, hang-hang monna eo oa tlōla ’me o qala ho tsamaea. Ha batho ba bona sena, ba hloletsoe ebile ba thabile haholo ka lebaka la mohlolo ona o babatsehang.

Petrose o re: ‘Ke ka matla a Molimo, ea tsositseng Jesu bafung, re entseng mohlolo ona. Ha Petrose le Johanne ba ntse ba bua, baeta-pele ba bolumeli baa fihla. Ba halefile hobane Petrose le Johanne ba ntse ba bolella batho hore Jesu o tsositsoe bafung. Kahoo baa ba tšoara ’me ba ba kenya teronkong.

Letsatsing le latelang baeta-pele ba bolumeli ba tšoara seboka se seholo. Ho tlisoa Petrose le Johanne, hammoho le monna eo ba mo phekotseng. Baeta-pele ba bolumeli baa botsa: ‘Le entse mohlolo oo ka matla afe?’

Petrose o ba bolella hore ke ka matla a Molimo, ea tsositseng Jesu bafung. Baprista ha ba tsebe hore na ba etse joang, hobane ba ke ke ba latola hore mohlolo ona o babatsehang ruri o etsahetse. Kahoo ba lemosa baapostola hore ba se hlole ba bua ka Jesu, ’me baa ba tlohela hore ba tsamaee.

Ha matsatsi a ntse a feta, baapostola ba tsoela pele ho paka ka Jesu le ho phekola ba kulang. Hohle ho buuoa ka mehlolo eo. Esita le matšoele a tsoang metseng e haufi le Jerusalema a tlisa ba kulang hore baapostola ba ba phekole. Baeta-pele ba bolumeli ba ba mōna ke sena, kahoo ba tšoara baapostola ’me ba ba kenya teronkong. Empa ha ba lule nako e telele moo.

Bosiu, lengeloi la Molimo le bula monyako oa teronko, joalokaha u bona mona. Lengeloi le re: ‘E-eang ’me le eme ka tempeleng, ’me le tsoele pele ho bua le batho.’ Ka le hlahlamang hoseng, ha baeta-pele ba bolumeli ba romela banna teronkong ho ea lata baapostola, ba fumana ba le sieo. Hamorao banna bao ba ba fumana ba ntse ba ruta ka tempeleng ’me ba ba tlisa holong ea Sanhedrine.

Baeta-pele ba bolumeli ba re: ‘Re le laetse ka thata hore le se ke la hlola le ruta ka Jesu. Empa le tlatsitse Jerusalema ka thuto ea lōna.’ Joale baapostola baa arabela: ‘Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.’ Kahoo ba tsoela pele ho ruta “litaba tse molemo.” Na oo hase mohlala o motle oo re ka o latelang?