Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 109

Petrose o Etela Korneliase

Petrose o Etela Korneliase

EO EA emeng moo ke moapostola Petrose, ’me ba ka mor’a hae ke metsoalle e meng ea hae. Empa ke hobane’ng ha monna eo a khumametse Petrose? Na o lokela ho mo khumamela? Na ua tseba hore ke mang?

Monna eo ke Korneliase. Ke molaoli oa lebotho la Roma. Korneliase ha a tsebe Petrose, empa o boleletsoe hore a mo memele ha hae. A re bone hore na ho tlile joang.

Balateli ba pele ba Jesu e ne e le Bajuda, empa Korneliase hase Mojuda. Leha ho le joalo o rata Molimo, oa mo rapela ’me o etsetsa batho lintho tse ngata tse molemo. Joale ka letsatsi le leng, e le motšehare oa mantsiboea, lengeloi le hlaha ho eena ’me le re: ‘Molimo o khahliloe ke uena, ’me o tla arabela lithapelo tsa hao. Romela banna hore ba late monna ea itseng ea bitsoang Petrose. O lula Jopa ntlong ea Simone, ea lulang haufi le leoatle.’

Hang-hang Korneliase o romela banna ho ea batla Petrose. Letsatsi le latelang, ha banna bao ba atamela Jopa, Petrose o holimo marulelong a ntlo ea Simone. Ha a le moo Molimo o etsa hore Petrose a nahane eka o bona lesela le leholo le theohang leholimong. Leseleng leo ho na le liphoofolo tsa mefuta eohle. Ho ea ka molao oa Molimo, liphoofolo tsena li ne li sa hloeka hore li jeoe, empa lentsoe le re: ‘Ema, Petrose. Hlaba u je.’

Petrose o re: ‘Che! Ha ke e-s’o je ntho e litšila.’ Empa lentsoe leo le re ho Petrose: ‘Khaotsa ho re seo joale Molimo a reng se hloekile, se silafetse.’ Sena se etsahala ka makhetlo a mararo. Ha Petrose a ntse a ipotsa hore na sena sohle se bolela’ng, ho fihla banna ba rometsoeng ke Korneliase ntlong moo ’me ba batla Petrose.

Petrose oa theoha ’me o re: ‘Ke ’na motho eo le mo batlang. Le re’ng?’ Ha banna bao ba hlalosa hore lengeloi le laetse Korneliase ho memela Petrose ha hae, Petrose o lumela ho tsamaea le bona. Letsatsi le latelang Petrose le metsoalle ea hae ba kena tseleng ba etela Korneliase Cesarea.

Korneliase o bokeletse beng ka eena le metsoalle hammoho. Ha Petrose a fihla, Korneliase oa mo khahlanyetsa. O oela fatše ’me o khumama maotong a Petrose, joalokaha u bona mona. Empa Petrose o re: ‘Ema; le ’na ke motho feela.’ Ha e le hantle, Bibele e bontša hore ke phoso ho khumamela motho le ho mo rapela. Re lokela ho rapela Jehova feela.

Joale Petrose o bolella ba bokaneng litaba tse molemo. Petrose o re: ‘Kea bona hore Molimo o amohela batho bohle ba batlang ho mo sebeletsa.’ Ha a ntse a bua, Molimo o romela moea oa hae o halalelang, ’me batho ba qala ho bua ka lipuo tse sa tšoaneng. Sena se makatsa barutuoa ba Bajuda ba tlileng le Petrose, hobane ba ne ba nahana hore Molimo o rata Bajuda feela. Kahoo sena se ba ruta hore Molimo ha a talime batho ba morabe o itseng ba le molemo kapa ba le bohlokoa ho eena ho feta ba morabe o mong. Na eo hase ntho e ntle eo bohle re lokelang ho e hopola?