Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Karolo ea 8

Se Boleloang ke Bibele Esale Pele Sea Phethahala

Se Boleloang ke Bibele Esale Pele Sea Phethahala

Bibele ha e bolele feela pale ea ’nete ea se etsahetseng nakong e fetileng, empa hape e bolela se tla etsahala nakong e tlang. Batho ba ke ke ba bolela se tla etsahala nakong e tlang. Ke ka lebaka leo re tsebang hore Bibele e tsoa ho Molimo. Bibele e re ho tla etsahala’ng nakong e tlang?

E bua ka ntoa e khōlō ea Molimo. Ntoeng ena Molimo o tla tlosa bobe bohle le batho ba babe lefatšeng, empa o tla sireletsa ba mo sebeletsang. Jesu Kreste, morena ea behiloeng ke Molimo o tla etsa bonnete ba hore bahlanka ba Molimo ba thabela khotso le nyakallo, le hore ba ke ke ba hlola ba kula kapa ba e-shoa.

Na ha re thabe hore ebe Molimo o tla etsa paradeise e ncha lefatšeng? Empa re lokela ho etsa ho hong haeba re tla phela paradeiseng ena. Paleng ea ho qetela ea buka ena re ithuta seo re lokelang ho se etsa hore re thabele lintho tse ntle tseo Molimo a li boloketseng ba mo sebeletsang. Kahoo bala KAROLO EA 8 ’me u fumane seo Bibele e se bolelang esale pele mabapi le nako e tlang.