Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 116

Kamoo re ka Phelang ka ho sa Feleng

Kamoo re ka Phelang ka ho sa Feleng

NA UA bona hore ngoananyana eo le metsoalle ea hae ba ntse ba bala eng? E, ba ntse ba bala eona buka eo u ntseng u e bala—Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele. Ebile ba ntse ba bala eona pale ena eo le uena u ntseng u e bala—“Kamoo re ka Phelang ka ho sa Feleng.”

Na ua tseba hore ba ntse ba ithuta eng? Taba ea pele ke hore re lokela ho tseba Jehova le Mora oa hae Jesu hore re phele ka ho sa feleng. Bibele e re: ‘Ena ke tsela e isang bophelong bo sa feleng. Ithute ka Molimo a le mong feela oa ’nete, le Mora eo a mo rometseng lefatšeng, Jesu Kreste.’

Re ka ithuta ka Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu joang? Tsela e ’ngoe ke ka ho bala Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele ho tloha qalong ho isa qetellong. E bua haholo ka Jehova le Jesu, na ha ho joalo? Ebile e bua haholo ka lintho tseo ba li entseng le lintho tseo ba sa tla li etsa. Empa re lokela ho etsa ho hong ntle le ho bala buka ena feela.

Na u bona buka eo e ’ngoe e fatše? Ke Bibele. Kōpa motho e mong hore a u balle litemana tsa Bibele tseo lipale tsa buka ena li nkiloeng ho tsona. Bibele e re fa boitsebiso bohle boo re bo hlokang e le hore kaofela re ka sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng ’me ra fumana bophelo bo sa feleng. Kahoo re lokela ho itloaetsa ho ithuta Bibele kamehla.

Empa ha hoa lekana ho ithuta ka Jehova Molimo le Jesu Kreste feela. Re ka ba le tsebo e ngata haholo ka bona le lithuto tsa bona, empa ra sitoa ho fumana bophelo bo sa feleng. Na u tseba ntho e ’ngoe e hlokahalang?

Hape re lokela hore re phele ka lintho tseo re ithutang tsona. Na u sa hopola Judase Iskariota? E ne e le e mong oa ba 12 bao Jesu a ileng a ba khetha hore e be baapostola ba hae. Judase o ne a e-na le tsebo e ngata haholo ka Jehova le Jesu. Empa ha etsahala’ng ka eena? Ka mor’a nako e itseng o ile a icheba boeena feela, a eka Jesu ho lira tsa hae ka likotoana tse 30 tsa silevera. Kahoo Judase a ke ke a fumana bophelo bo sa feleng.

Na u sa hopola Gehazi, monna eo re ithutileng ka eena Paleng ea 69? O ne a batla liphahlo le chelete tseo e neng e se tsa hae. Kahoo a bua leshano hore a fumane lintho tseo. Empa Jehova o ile a mo otla. Le rōna o tla re otla ha re sa mamele melao ea hae.

Empa ho na le batho ba bangata ba molemo ba neng ba lula ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. Na ha re batle ho tšoana le bona? Samuele e monyenyane ke mohlala o motle oo re ka o etsisang. Hopola hore, joalokaha re bone Paleng ea 55, o ne a le lilemo li ’nè kapa li hlano feela ha a qala ho sebeletsa Jehova tabernakeleng ea hae. Kahoo hore na u monyenyane hakae, le uena u ka sebeletsa Jehova.

Ho hlakile hore motho eo bohle re batlang ho mo etsisa ke Jesu Kreste. Esita leha e sa le moshemane, joalokaha ho bontšitsoe Paleng ea 87, o ne a le ka tempeleng a bua le ba bang ka Ntate oa hae oa leholimo. A re etsiseng mohlala oa hae. A re bolelleng batho ba bangata kamoo re ka khonang ka Molimo oa rōna ea babatsehang Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste. Ha re etsa lintho tsena, joale re tla phela ka ho sa feleng paradeiseng e ncha ea Molimo lefatšeng.